Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 20:47 - BIBELE

47 tse jang matlo a basadi ba bahlolohadi, mme di ntse di etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi. Di tla ahlolwa ka ho fetisisa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Ba metsa matlo a basadi ba bahlolohadi ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melelele. Ba tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

47 Ba metsang matlo a bahlolohadi, mme ka boikaketsi ba etsa merapelo e melelele;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

47 Ba metsang matlo a bahlolohadi, mme ka boikaketsi ba etsa merapelo e melelele;

Ver Capítulo Copiar




Luka 20:47
23 Referencias Cruzadas  

hore ba amohe mafutsana tokelo tsa wona, ba hateletsweng ba ba hlokise toka, ba ikgapele ntho tsa bahlolohadi, ba tlatlape le tsona dikgutsana.


Baahi ba hao ba nyedisa bo-ntata bona le bo-mma bona, ba hatella moditjhaba, ba hlorisa kgutsana le mohlolohadi.


Setjhaba sena se tla ho wena, jwalokaha batho ba nne ba phuthehe, ba dule kapele ho wena, ba mamele dipolelo tsa hao, empa ba sa di phethe. Ka melomo ya bona ba bua jwalokaha eka ke batho ba nang le lerato, empa dipelo tsa bona di nyoretswe ho rua ka bolotsana.


Ba fokolang ba ba hatakela dihlooho, ba hatakelle hlooho tsa bona leroleng, batlatlapuwa ba ba hlokele toka. Mora le ntatae ba kopanela seotswa, bitso la ka le halalelang ba le hlompholle jwalo.


Ba tswela masimo a batho pelo, ba a hape, ba honohele matlo a batho, ba inkele wona; ba hatella motho le ba lelapa la hae, ba mo hatelle, ba je lefa la hae.


Empa lona tjhaba sa ka le iphetotse sera! Motho wa kgotso ha a feta ka tsela, a iphetela, a sa nahane tsa ntwa, le mo amoha kobo a e apere.


Le hloile botle, le rata bokgopo, le thwebola setjhaba sa ka, le se thwebola letlalo, le se tswebolotse dinama masapong;


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.


Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hapa matlo a bahlolohadi, le etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi; ka baka lena le tla ahlolwa.


ba hapang matlo a basadi ba bahlolohadi, leha ba ntse ba etsa dithapelo tse telele tsa boikaketsi. Ba tla ahlolwa ka ho fetisisa.”


Lekgatheng leo, ha letshwele la batho ba diketekete le bokane, hoo ba neng ba hatellana, Jesu a qala pele ka ho re ho barutuwa ba hae: “Hlokomelang tomoso ya Bafarisi, e leng boikaketsi.


“Hlokomelang Ditsebi tsa Molao tse thabelang ho tsamaya di apere diaparo tse phuphuthang, tse ratang ho dumediswa mabaleng a metse, le ditulo tse hlomphehang matlung a thapelo, le ditulo tse kapele meketeng,


Yare ha Jesu a phahamisa mahlo, a bona barui ba nokela dinyehelo tsa bona letloleng la matlotlo.


Kamoo le tsebang kateng, ha re a ka ra tla ho lona ka maleme a monate, le ka meharo. Modimo ke paki.


Ba bolela hore ba tseba Modimo, empa diketso tsa bona di a latola. Ba a nyonyeha, ba hana ho mamela, ba sitwa ho etsa letho le lokileng.


Bana beso, le se ke la iketsa baruti kaofela, kaha le a tseba hore rona re tla ahlolwa haboima ho feta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos