Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 21:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse ha Jesu a ntse a tadima, a bona barui ba nokelang dimpho tsa bona polokelong ya letlotlo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Yare ha Jesu a phahamisa mahlo, a bona barui ba nokela dinyehelo tsa bona letloleng la matlotlo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Yare ha a tadima, a bona barui ba lahlelang dineo tsa bona polokelong ya letlotlo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Yare ha a tadima, a bona barui ba lahlelang dineo tsa bona polokelong ya letlotlo.

Ver Capítulo Copiar




Luka 21:1
12 Referencias Cruzadas  

A nka maruo a ntlo ya Jehova le maruo a ntlo ya morena, a hapa tsohle, a ya le dithebe tsohle tsa kgauta tse entsweng ke Salomone.


Ebile moprista Jehojada o nka letlole, a phunya lesoba sekwahelong sa lona, a le bea mabapa le aletare, ka ho le letona ho motho ya kenang tlung ya Jehova; mme baprista ba lebelang monyako ba nokela teng tjhelete tsohle tse tliswang tlung ya Jehova.


A ya le matlotlo wohle a ntlo ya Jehova, le matlotlo a ntlo ya morena, a pshatla mesebetsi yohle ya kgauta, e neng e entswe ke Salomone, morena wa Iseraele, tempeleng ya Jehova, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Haele mesebetsi yohle ya ntlo ya Modimo, e meholo le e menyenyane, le matlotlo a ntlo ya Jehova, le matlotlo a morena le a mahosana a hae, a ya le tsohle Babilona.


Ka bea moprista Shelemia, le mongodi Tsadoke, le Pedaia wa Balevi bahlahlobi ba mediko, mme ka ba ekeletsa ka Hanane, mora Sakkure, mora Matthania; hobane e ne e le bao ekang ba ka tshepuwa, mme ba laelwa hore ba arolele banababo bona dikabelo tsa bona.


Baprista ba baholo ba nka ditjhelete, ba re: Ha ho a tshwanela hore di kenngwe polokelong ya tempele, hobane ke theko ya madi.


Ba metsa matlo a basadi ba bahlolohadi ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melelele. Ba tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.


Jesu a bolela taba tseo polokelong ya letlotlo, a ruta tempeleng; mme ha ho a ka ha eba motho ya mo tshwarang, kahobane nako ya hae e ne e eso ho tle.


Haele silefera kaofela, le kgauta, le dipitsa tsa koporo, le tsa tshepe, di tla kgethelwa Jehova, di kenngwe polokelong ya Jehova.


Ba tjhesa motse le tsohle tse hara wona; haele silefera, le kgauta, le dipitsa tsa koporo, le tsa tshepe, ba di kenya polokelong ya ntlo ya Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos