Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 6:24 - BIBELE

24 Motse wona ba o tjhesa ka mollo, le tsohle tse neng di le kahara wona. Ha e le silefera, le kgauta, le dijana tse entsweng ka lethose le ka tshepe, tsona ba di kenya letloleng la ntlo ya Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ba tjhesa motse le tsohle tse hara wona; haele silefera, le kgauta, le dipitsa tsa koporo, le tsa tshepe, ba di kenya polokelong ya ntlo ya Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 6:24
13 Referencias Cruzadas  

Hoba Davida a bolellwe taba ena, a re ba yo kgahlanyetswa, hobane bao ba ne ba hlabilwe ke dihlong haholo. Yaba kgosi Davida o re ho bona: “Dulang moo Jeriko ho fihlela ditedu tsa lona di hlomela, ebe jwale le a kgutla.”


Nebusaradane a tjhesa Tempele ya Morena, le ntlo ya kgosi, le matlo wohle a Jerusalema, le matlo wohle a banna ba mabitso.


Le tsona, kgosi Davida a di kgethela Morena, hammoho le silefera, le kgauta eo a neng a e hapile ditjhabeng tsena tsohle, e leng Baedomo, le Bamoabe, le Baamone, le Bafilesita, le Baamaleke.


Le metse ya bona yohle eo ba ahileng ho yona, le diahelo tsa bona tsohle ba di tjhesa ka mollo.


Kgapo yohle ya wona le e bokelle lebaleng la motse. Motse oo, le kgapo yohle ya wona, le di tjhese ka mollo, e be nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena Modimo wa lona. Motse oo o tla fetoha lesupi la mehla yohle, mme o ke ke wa hlola o tsoswa.


Ho se be letho la dintho tse halalelang tseo le ka di nkang, e le hore bohale bo tshabehang ba Morena bo tle bo kokobele, a le hauhele, a le ngatafatse jwalokaha a hlapanyeditse bo-ntata lona.


Empa ha e le metseng ya ditjhaba tsena tseo Morena Modimo wa lona, a le neang tsona hore e be lefa la lona, teng le se ke la siya letho le phelang.


Batho bohle ba neng ba phela moo ba ba bolaya ka sabole, mme ba ba timetsa ho hang, ha se ke ha sala le ya mong ya phelang. Motse wa Hasore ba o tjhesa ka mollo.


Empa ha e le silefera, le kgauta, le dijana tse entsweng ka lethose le ka tshepe, ke tsa Morena. Tsona di tla kena letloleng la Morena.”


Joshua a pholosa Rahaba wa seotswa, le ba lelapa lohle la ntatae, le bohle bao a neng a ena le bona. O ntse a phela le Baiseraele ho fihlela kajeno, hobane o ne a ile a pata baromuwa bao Joshua a neng a ile a ba roma ho hlwela Jeriko.


Joshua a tjhesa motse wa Ai, a o etsa ditututswana tsa masupi a kamehla yohle, mme o jwalo le kajeno-ya-bokajeno.


Dinaka tse leshome tseo o di boneng hodima sebatana, le sona sebatana, di tla hloya seotswa, di se amohe tsohle, di se hlobodise. Di tla ja nama ya sona, di se tjhese mollong.


Ka baka leo, dikotlo tsa yona di tla e tlela, di e tlele ka tsatsi le leng, lefu, mahlomola, le tlala, mme e tla tjheswa lore! Hobane Morena Modimo ya e ahlolang o matla.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos