Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 6:25 - BIBELE

25 Joshua a pholosa Rahaba wa seotswa, le ba lelapa lohle la ntatae, le bohle bao a neng a ena le bona. O ntse a phela le Baiseraele ho fihlela kajeno, hobane o ne a ile a pata baromuwa bao Joshua a neng a ile a ba roma ho hlwela Jeriko.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Joshua a pholosa Rahaba wa sehlola, le ntlo ya ntatae, le tsohle tseo e neng e le tsa hae; mme a tla, a aha Iseraeleng ho fihlela kajeno, kahobane o ne a pate manqosa a romilweng ke Joshua ho hlwela Jeriko.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 6:25
11 Referencias Cruzadas  

Salema a tswala Boase ka Rahaba, Boase a tswala Obede ka Ruthe, Obede a tswala Jese,


mme mang le mang ya tla rapela Morena o tla pholoswa!’


Ka tumelo Rahaba wa seotswa ha a a ka a timela hammoho le ba sa dumelang, hobane o ne a ile a amohela dihlwela ka kgotso.


Ho ile ha eba jwalo le ho Rahaba wa seotswa. Na ha a a ka a lokafatswa ka mesebetsi, mohla a amohelang dihlwela tsa Baiseraele, a ba a di kgutlisa ka tsela esele?


Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.


Ha re fihla naheng ena, o tle o tlame kgwele e kgubedu ena fesetereng eo o re lepeleditseng ho yona, mme o bitse ntatao, le mmao, le bana beno, le bohle ba lelapa leno, ba phuthehele mona ha hao, ka tlung ena.


Mosadi eo a nka banna bao ba babedi, a ba pata, mme a re: “Ke nnete, banna ba babedi ba ile ba fihla mona ho nna, empa ke ne ke sa tsebe moo ba tswang teng.


Empa o ne a ba hlweseditse kahodima marulelo, a ba kwahetse ka ditlhaka tsa motsitla, tseo a neng a di adile hodima marulelo.


Joshua a hloma majwe a leshome le metso e mmedi bohareng ba Jorodane, sebakeng seo maoto a baprista ba neng ba jere areka ya selekane a neng a eme teng, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le hona moo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos