Bagibeone e ne e se ba habo bana ba Iseraele; e ne e le masalla a Baamore. Bana ba Iseraele ba ne ba ba hlapanyeditse hore ba tla ba baballa, empa Saule yena o ne a rata ho ba bolaya ka baka la ho thahasella bana ba Iseraele le ba Juda.
Joshua 6:22 - BIBELE Ho banna ba babedi, ba neng ba rometswe ho ya hlwela naha, Joshua a re: “Eyang tlung ya seotswa, le tle le mosadi eo, le bohle bao a nang le bona, jwalokaha le ile la mo hlapanyetsa.” Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a bolella banna ba babedi ba neng ba ile ho hlwela lefatshe, a re: Kenang tlung ya mosadi eo wa sehlola, le ntshe teng mosadi eo, le tsohle tsa hae, jwalokaha le mo anetse. |
Bagibeone e ne e se ba habo bana ba Iseraele; e ne e le masalla a Baamore. Bana ba Iseraele ba ne ba ba hlapanyeditse hore ba tla ba baballa, empa Saule yena o ne a rata ho ba bolaya ka baka la ho thahasella bana ba Iseraele le ba Juda.
Empa ka baka la kano eo bo-Davida le Jonathane, mora wa Saule, ba neng ba e hlapanyetse ka lebitso la Morena, kgosi ya rekolohela Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule.
ya nyedisang ya kgopo, empa a hlompha ba tshabang Morena. Leha a ka senyehelwa, ha a kwenehele kano ya hae.
E nkile kgosana e nngwe ya madi, ya etsa selekane le yona, ya ba ya e hlapantsha. E nkile le bahlabani ba naha eo,
“ ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo; ruri o tla shwela Babilona, e leng moo kgosi e ileng ya mmea hore e be kgosi e phelang teng, yona kgosi eo a nyedisitseng kano eo a ileng a e etsa le yona, a senya le selekane sa kgosi eo.
Ka tumelo Rahaba wa seotswa ha a a ka a timela hammoho le ba sa dumelang, hobane o ne a ile a amohela dihlwela ka kgotso.
Motse o tla timetswa, hammoho le tsohle tse ka ho wona, hobane o tlasa thohako ya Morena. Ke Rahaba wa seotswa feela ya tla phela; yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o ne a pate baromuwa bao re neng re ba romile.
Bahlankana ba dihlwela ba ya, ba tla le Rahaba, le ntatae, le mmae, le bana babo, le bohle bao a neng a ena le bona. Ba ntsha le ba malapa wohle a bang ka yena, ba ba bea kantle ho diahelo tsa Baiseraele.
Joshua a etsa kgotso le bona, a ba a etsa selekane le bona sa hore a ke ke a ba bolaya. Mahosana le wona a ba hlapanyetsa.
Monna eo a di bontsha tsela e kenang ka motseng, tsa kena, tsa bolaya baahi ba motse oo ka sabole, empa ha e le monna eo le ba lelapa la hae tsa mo tlohela a ikela.