Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 21:7 - BIBELE

7 Empa ka baka la kano eo bo-Davida le Jonathane, mora wa Saule, ba neng ba e hlapanyetse ka lebitso la Morena, kgosi ya rekolohela Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Morena a mpa a qenehela Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ka baka la kano ya Jehova e neng e le mahareng a bona, mahareng a Davida le Jonathane, mora Saule.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 21:7
16 Referencias Cruzadas  

Yaba kgosi e re ho Siba: “Tsohle tseo e leng tsa Mefiboshete ke tsa hao.” Siba a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, ke isa hlompho ho wena; ako nkgauhele.”


Yare ha a fihla ho tla kgahlanyetsa kgosi, a etswa Jerusalema, kgosi ya re ho yena: “Mefiboshete, ke ka baka lang o sa kang wa tsamaya le nna?”


Jonathane, mora wa Saule, o ne a ena le mora ya neng a holofetse maoto. Ha pehi ya Saule le Jonathane e fihla, e etswa Jesereele, o ne a le dilemo di hlano. Mohodisi wa hae a mo nka, a baleha. Ka baka la ho baleha ka potlako ha mohodisi, moshanyana a wa, yaba o robeha maoto. Lebitso la hae e ne e le Mefiboshete.


Davida a botsa, a re: “Na ho sa na le e mong ya setseng wa ntlo ya Saule, eo nka mo etsetsang molemo ka baka la Jonathane?”


Ka baka leo, wena le bara ba hao, le bahlanka ba hao, le tla mo lemela, le be le mo kotulele, e le hore mora wa monga hao a tle a be le dijo. Empa Mefiboshete, mora wa monga hao, o tla ja le nna kamehla.” Siba o ne a ena le bara ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba mashome a mabedi.


Ha Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule, a fihla ho Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho. Davida a re: “Mefiboshete!” Yena a araba, a re: “Ke nna enwa, mohlanka wa hao!”


Davida a re ho yena: “O se ke wa tshaba, hobane ruri ke tla o etsetsa molemo ka baka la ntatao Jonathane. Ke tla o buseletsa naha yohle ya ntataomoholo Saule, mme ke tla o fepa kamehla.”


Ke re ho lona: Hlomphang taelo ya kgosi, hobane le entse kano kapele ho Modimo.


Bo-Jonathane le Davida ba etsa selekane, hobane Jonathane o ne a rata Davida jwalokaha a ithata.


Jonathane a boela a re ho Davida: “Morena Modimo wa Iseraele, e be paki! Hosasane, ka yona nako ena, kapa ka letsatsi la boraro, ke tla botsa ntate. Haeba a o hopoletse tse molemo, ke tla o tsebisa.


o se ke wa kgaotsa ho rata lelapa la ka kamehla yohle; esita leha Morena a se a timeditse dira tsohle tsa Davida lefatsheng.”


Jonathane a re Davida a hlapanye hape hore o tla mo rata, hobane Jonathane le yena o ne a rata Davida jwalokaha a ithata.


Jwale Jonathane a re ho Davida: “Tsamaya ka kgotso, hobane rona ba babedi re ikanne ka lebitso la Morena, ra re: ‘Morena o tla ba le rona ba babedi, a be a be le ditloholo tsa rona kamehla yohle!’ ”


Ka baka lena, tshepahala ho mohlanka wa hao, hobane yena le wena le entse selekane sa Morena. Empa haeba ke entse bokgopo, ke hle ke bolawe ke wena ka sebele sa hao. O tla be o nkisetsang ho ntatao?”


Bobedi ba bona ba etsa selekane kapele ho Morena; Davida a dula moo Horeshe, Jonathane yena a kgutlela ha hae.


Davida a hlapanyetsa Saule; Saule a ikela ha hae, empa Davida yena le banna ba hae ba nyolohela qhobosheaneng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos