Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 21:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Morena a mpa a qenehela Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ka baka la kano ya Jehova e neng e le mahareng a bona, mahareng a Davida le Jonathane, mora Saule.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Empa ka baka la kano eo bo-Davida le Jonathane, mora wa Saule, ba neng ba e hlapanyetse ka lebitso la Morena, kgosi ya rekolohela Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 21:7
16 Referencias Cruzadas  

Morena a re ho Tsiba: Bona, tsohle tseo e leng tsa Mefiboshethe ke tsa hao. Tsiba a re: Ke a inama, ke re, a nke ke bone mohau ho morena, monga ka.


Yare ha a kgahlanyetsa morena, a sa tswa Jerusalema, morena a re ho yena: Ha o a ka wa tsamaya keng le nna, Mefiboshethe?


Haele Jonathane, mora Saule, mora hae e mong o ne a le teng, ya holofetseng maoto; o ne a le dilemo tse hlano mohla ho fihlang pehi ya kamoo Saule le Jonathane ba shwetseng kateng, Jisreele. Mopepi wa hae o ne a mo nkile, a baleha le yena; ka baka la ho potlaka, ha a baleha, ngwana a wa, a ba a holofala maoto; bitso la hae e ne e le Mefiboshethe.


Jwale Davida a re: Na ha ho sa le le a mong ya siilweng wa ntlo ya Saule, ke tle ke mo etse ka mohau ka baka la Jonathane na?


O mo lemele naha eo, e le wena le bara ba hao, le bahlanka ba hao, mme o mo tlisetse tse behwang, e be dijo tse jewang ke mora monga hao. Haele Mefiboshethe, mora monga hao, o tla nne a je tafoleng ya ka kamehla. Tsiba o ne a ena le bara ba leshome le metso e mehlano le bahlanka ba mashome a mabedi.


Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ha a fihla pela Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a kgumama. Davida a re: Mefiboshethe! Eo a re: Ke nna mohlanka wa hao!


Davida a re ho yena: Se tshabe, hobane ke fela ke tla o etsa ka mohau ka baka la Jonathane ntatao, ke busetse ho wena le masimo wohle a ntatao Saule; wena, o tla nne o je dijo tafoleng ya ka kamehla.


Ke re: Boloka taelo ya morena ka baka la kano eo o e entseng pela Modimo.


Ebile Jonathane o hlaba selekane le Davida, hobane a ne a mo rata jwalokaha a ithata.


Jonathane a re ho Davida: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ha ke se ke botsisisitse ntate ka mohlomong hosasane, kapa kamoso, ha nka bona hobane o sa thabetse Davida, ha ke sa o romele, ke sa o tsebise,


hape o se ke wa tima ntlo ya ka molemo wa hao le ka mohla o le mong, leha e le mohla Jehova a timeditseng e mong le e mong wa dira tsa Davida lefatsheng.


Jonathane a ntoo eketsa a hlapantsha Davida, ka baka la ho mo rata; o ne a mo rata jwalokaha a ithata.


Jonathane a re ho Davida: eya ka kgotso; re hlapantse ba babedi ka lebitso la Jehova hore Jehova o tla ba mahareng a ka le wena, le mahareng a bana ba ka le bana ba hao ka ho sa feleng.


O etsetse mohlanka wa hao molemo oo, etswe o entse selekane le mohlanka wa hao pela Jehova. Leha ho le jwalo, ha sebe se le teng ho nna, o mpolaye e le wena; hobane ke ha o ka nkisetsang ho ntatao?


Ebile bobedi ba bona ba etsa selekane pela Jehova; mme Davida a sala morung, Jonathane yena a kgutlela hae.


Ebile Davida o hlapanyetsa Saule, Saule a ntoo kgutlela hae, Davida yena le banna ba hae ba boela diqhobong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos