Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 6:17 - BIBELE

17 Motse o tla timetswa, hammoho le tsohle tse ka ho wona, hobane o tlasa thohako ya Morena. Ke Rahaba wa seotswa feela ya tla phela; yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o ne a pate baromuwa bao re neng re ba romile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Motse o tla etswa anathema ho Jehova, ka ntho tsohle tse ho wona; ke Rahaba wa sehlola feela ya tla phela, yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o patile manqosa a romilweng ke rona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 6:17
26 Referencias Cruzadas  

Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang. Ka wena ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa.”


Ho ya ka keletso ya mahosana le ya baholo, ha thwe mang kapa mang eo matsatsi a mararo a tla feta a eso tle, a jewe dintho tsa hae tsohle, le yena a be a lelekwe hara setjhaba sa ba neng ba thopilwe.


Sabole ya Morena e kganathetse madi, mafura e a jele sa mpana-phatloha; e kganathetse madi a dikonyana le a dipodi, e kganathetse mafura a diphiyo tsa dipheleu. Morena o tla etsa sehlabelo, a se etse a le Bosera, Baedomo a ba bolaye, a ba etse mofela.


Lena ke tsatsi la Morena, Modimo wa mabotho, tsatsi la boiphetetso, ho dira tsa hae; sabole e tla bolaya ho fihlela madi a kganathetse, e bolaye ho fihlela madi a e tahile. Morena Modimo wa mabotho, o tla etsa sehlabelo, a se etse naheng e ka leboya ho Euferatese.


“Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena: Bitsa dinonyana ka mefuta ya tsona, le dibatana tsohle tsa naha, o re: ‘Phuthehang kaofela, le etswa hohle, le tle kwano sehlabelong sa ka, seo ke le etsetsang sona, sehlabelo se seholo se hodima dithaba tsa Iseraele, e le hore le tle le je nama le nwe le madi.


Ka selemo sa mokete wa tokoloho, tshimo eo e tla lopollwa e se e halalela ho Morena, e le tshimo e abilweng, mme e tla ba ya moprista, e be lefa la hae.


“Wena Moradi wa Sione, tsoha, o pole! Ke tla o kgwesa manaka a tshepe, ke o rwese tlhako tsa lethose, o tlo robokele tjhaba tse ngata.” O tla nyehella Morena ka kgapo ya hao, o mo nyehelle ka leruo la tsona, o nyehelle Morena wa lefatshe lohle.


“Kgosi e tla ba araba, e re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna.’


Haeba ho ena le ya sa rateng Morena, a ke a rohakehe. Marana tha! Morena, tloo!


Re bua ka tsa bohlale ba Modimo, boo e leng sephiri, bo patehileng, boo Modimo a bo hlotseng le lefatshe le eso be teng, hore e be tlotla ya rona.


Empa bohle ba itshepisitseng ka ho phetha Molao ba rohakehile, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Mang le mang ya sa tiisetseng ho etsa tsohle tse ngotsweng bukeng ya Molao o rohakehile.”


Ha e le Molao hase taba ya tumelo, empa ya phethang tsa Molao o tla phela ka tsona.


Ha e le Bahete le Baamore, Bakanana le Baperise, Bahife le Bajebuse, bona le ba timetse ho hang, jwalokaha Morena a le laetse;


Ka tumelo Rahaba wa seotswa ha a a ka a timela hammoho le ba sa dumelang, hobane o ne a ile a amohela dihlwela ka kgotso.


Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.


Ho ile ha eba jwalo le ho Rahaba wa seotswa. Na ha a a ka a lokafatswa ka mesebetsi, mohla a amohelang dihlwela tsa Baiseraele, a ba a di kgutlisa ka tsela esele?


Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.


Ba tsamaya, ba fihla thabeng. Ba hlola teng matsatsi a mararo, ho fihlela baphaladisi ba bona ba be ba kgutla. Baphaladisi bao ba ba batla hohle tseleng, empa ba se ke ba ba fumana.


Bana ba Iseraele ba tlola molao ka ho nka dintho tse rohakehileng. Akane, mora wa Karimi, mora wa Sabedi, mora wa Sera, wa morabe wa Juda, a nka dintho tse rohakehileng, mme kgalefo ya Morena ya tlokomela bana ba Iseraele.


Tsamaya he, o yo lwantsha Baamaleke; o timetse tsohle tseo ba nang le tsona ho hang, mme o se ke wa ba wa ba qenehela. O bolaye monna le mosadi, bana le masea, dikgomo le dinku, dikamele le ditonki.’ ”


Saule a re ho Bakene: “Tsamayang, le tlohe mona hara Baamaleke, esere ka le timetsa mmoho le bona. Lona le ne le hauhele bana ba Iseraele bohle ha ba ne ba nyoloha Egepeta.” Yaba Bakene ba tloha hara Baamaleke.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos