Joshua 3:6 - BIBELE Jwale Joshua a bua ho baprista, a re: “Jarang areka ya selekane, le etelle setjhaba pele.” Ba jara areka ya selekane, mme ba etella setjhaba pele. Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a bolella le baprista, a re: Jarang areka ya selekane, le etelle setjhaba pele. Ebile ba jara areka ya selekane, ba etella setjhaba pele. |
Pulamadiboho e tla ba etella pele; ba tla roba mekwallo ya kgoro, ba itsamaele. Kgosi ya bona e tla tswa pele ho bohle, ka sehloohong sa bona Morena a itlhomme.”
Jwale ba tloha thabeng ya Morena, ba tsamaya leeto la matsatsi a mararo. Areka ya selekane sa Morena ya ba etella pele ka matsatsi a mararo, ho ya ba batlela sebaka sa ho phomola.
Jwale ha o ka bolaya setjhaba sena sohle, ditjhaba tse utlwileng botumo ba hao di tla re:
moo Jesu, moetellipele wa rona, a keneng teng e le Moprista e Moholo ka ho sa feleng jwaloka Meleki-Sedeke.
Ba laela setjhaba, ba re: “Ha le bona areka ya selekane sa Morena Modimo wa lona, e jerwe ke baprista, e leng Balevi, le tla tloha moo le leng teng, le e sale morao.
Joshua a re ho setjhaba: “Itlhwekiseng, hobane hosasane Morena o tla etsa dimakatso kahara lona.”
Morena a re ho Joshua: “Ka letsatsi lena ke tla qala ho o hodisa moo Baiseraele bohle ba bonang, ba tle ba tsebe hore ke tla ba le wena jwalokaha ke ile ka ba le Moshe.
Joshua, mora wa Nune, a bitsa baprista, a re ho bona: “Nkang areka ya selekane, baprista ba supileng ba tsamaye kapele ho areka eo ya Morena, ba nkile manaka a supileng a pheleu.”