Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 6:6 - BIBELE

6 Joshua, mora wa Nune, a bitsa baprista, a re ho bona: “Nkang areka ya selekane, baprista ba supileng ba tsamaye kapele ho areka eo ya Morena, ba nkile manaka a supileng a pheleu.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ebile Joshua, mora Nune, o bitsa baprista, a re ho bona: Jarang areka ya selekane, mme baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba eteletse areka ya Jehova pele.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 6:6
11 Referencias Cruzadas  

Mefeng eo o tla e kgwesa meheleng e mahlakoreng a areka, ho tle ho jarwe areka ka yona.


Saule, a sa ntse a pipitlellane ke moya wa ho sokela le wa ho bolaya barutuwa ba Morena, a ya ho Moprista e Moholo.


“ ‘La tshela Jorodane, la fihla Jeriko. Banna ba Jeriko, le Baamore, le Baperise, le Bakanana, le Bahete, le Bagirigashe, le Bahife, le Bajebuse, ba le lwantsha, empa ka neelana ka bona matsohong a lona.


Ba laela setjhaba, ba re: “Ha le bona areka ya selekane sa Morena Modimo wa lona, e jerwe ke baprista, e leng Balevi, le tla tloha moo le leng teng, le e sale morao.


Jwale Joshua a bua ho baprista, a re: “Jarang areka ya selekane, le etelle setjhaba pele.” Ba jara areka ya selekane, mme ba etella setjhaba pele.


Baprista ba supileng, ba nkileng manaka a supileng a pheleu, ba tsamaya kapele ho areka ya Morena, ba ntse ba letsa manaka ao. Bahlabani ba tsamaya kapele ho baprista, mme serao sa tsamaya kamora areka ya Morena, baprista bona ba ntse ba letsa manaka.


Ere ha ba letsa lenaka la pheleu halelele, mme lona le utlwa modumo wa lenaka, setjhaba sohle se howe haholo; lerako la motse le tla helehela fatshe, mme setjhaba sohle se le tlole, monna ka mong a be a se a toba pele.”


Yaba o re ho setjhaba: “Tsamayang, le potolohe motse, bahlabani ba tsamaye kapele ho areka ya Morena.”


Ha Joshua a se a buile ho setjhaba, baprista ba supileng, ba nkileng manaka a supileng a pheleu, ba fetela kapele ho Morena, ba ntse ba letsa manaka ao, mme areka ya Morena ya ba sala morao.


Ha bahlabani ba se ba kgutletse diahelong, baholo ba Iseraele ba re: “Ebe ke ka baka lang ha Morena a entse hore re hlolwe ke Bafilesita kajeno? A re yeng Shilo, re yo lata areka ya selekane sa Morena, e le hore Morena a tle a be hara rona, a re lopolle matsohong a dira tsa rona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos