Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 3:7 - BIBELE

7 Morena a re ho Joshua: “Ka letsatsi lena ke tla qala ho o hodisa moo Baiseraele bohle ba bonang, ba tle ba tsebe hore ke tla ba le wena jwalokaha ke ile ka ba le Moshe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba Jehova o re ho Joshua: Ke tla qala kajeno ho o hodisa pontsheng ho Baiseraele bohle, ba tle ba tsebe hobane ke tla ba le wena jwalokaha nkile ka ba le Moshe.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 3:7
13 Referencias Cruzadas  

Morena a phahamisa Solomone haholo mahlong a Baiseraele bohle; a mo apesa botlotlehi boo ho seng kgosi e neng e kile ya eba le bona, naheng ya Iseraele, pele ho yena.


Solomone, mora wa Davida, a tsitsa mmusong wa hae; Morena Modimo wa hae, a ba le yena, mme a mo phahamisa haholo.


“Motho e ne leng, ha o mo nketse hodimo hakaale, o bile o mo hlokometse hakaale?


yena ya nthutang ho lwana, yena ya nthutang ho hula seqha sa lethose.


Jesu a bua tsena, mme a lelaletsa mahlo lehodimong, a re: “Ntate, nako e fihlile; tlotlisa Mora wa hao, hore Mora a tle a o tlotlise,


Seo ke se lebeletseng, mme ke se tshepileng, ke sena: Ha ke na ho swabiswa ke letho, empa jwale le kamehla ke na le tshepo e tiileng ya hore Kreste o tla tlotliswa ka nna, leha nka shwa kapa ka phela.


Re tla o mamela dinthong tsohle, jwalokaha re ile ra mamela Moshe. E se eka Morena Modimo wa hao, a ka ba le wena jwalokaha a ne a ena le Moshe.


Ha ho ya tla o ema kapele ka nako tsohle ha o ntse o phela. Ke tla ba le wena jwalokaha ke bile le Moshe; ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.


Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”


Jwale Joshua a bua ho baprista, a re: “Jarang areka ya selekane, le etelle setjhaba pele.” Ba jara areka ya selekane, mme ba etella setjhaba pele.


O tla laela baprista ba jarang areka ya selekane, o re: ‘Ha le fihlile moleng wa metsi a Jorodane, le eme themelele!’ ”


Ka letsatsi leo, Morena a hodisa Joshua moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona; ba mo tshaba ka matsatsi wohle a bophelo ba bona, jwalokaha ba ne ba tshaba Moshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos