Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 3:8 - BIBELE

8 O tla laela baprista ba jarang areka ya selekane, o re: ‘Ha le fihlile moleng wa metsi a Jorodane, le eme themelele!’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Wena, o laele baprista ba jereng areka ya selekane, o re ho bona: Etlere ha le fihla metsing a Jordane le eme Jordane.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 3:8
20 Referencias Cruzadas  

Yaba Elia o re ho Elisha: “Ke a o rapela: Sala mona, hobane Morena o nthomile Jorodane.” Elisha a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Ba tswela pele bobedi ba bona.


Banna bana ba bokella bana babo bona, ba itlhwekisa, mme ba hlwekisa le Tempele ya Morena, ho ya ka taelo ya kgosi, ho latela dipolelo tsa Morena.


Hesekiya a laela hore ho etsetswe nyehelo ya setjheso hodima aletare. Ha ba qala ho etsa nyehelo ya setjheso, ha binelwa Morena dipina, ha letswa le diterompeta, le diletsa tse ileng tsa kgethwa ke Davida, kgosi ya Iseraele.


Ho feta mona, kgosi Hesekiya le mahosana ba laela Balevi hore ba rorise Morena ka dithoko tsa Davida, le tsa Asafo wa moporofeta. Ba binela Morena dithoko ba thabile; ba kgumama, mme ba rapela.


Le naheng ya Juda Modimo a etsa hore setjhaba sa teng se be pelonngwe, ho phetha taelo ya kgosi le ya mahosana, ho ya ka polelo ya Morena.


Ka laela Balevi hore ba itlhwekise, ba tlo lebela menyako, hore letsatsi la Sabatha le nne le halalele. Yaba ke re: “Modimo wa ka, ako nkgopole ka baka la hona, mme o mpaballe ka baka la boholo ba mohau wa hao.”


E mong wa bara ba Joyada, setloholo sa Moprista e Moholo Eleashibe, e ne e le mokgwenyana wa Sanebalate wa Mohore. Yaba ke a mo leleka.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng; emang le tiile, le tle le bone pholoho eo Morena a tla le etsetsa yona kajeno, hobane jwalokaha le bona Baegepeta kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona le ka mohla, ho isa kgale.


Ho molemo ha motho a eba le letshepa, a lebella ka mamello hore Morena a mo pholose.


Baprista ba jereng areka ya selekane sa Morena ba ema themelele! mobung o ommeng, bohareng ba Jorodane, mme Baiseraele bohle ba tshela mobung o ommeng, ho fihlela setjhaba sohle se tshela Jorodane.


Ba laela setjhaba, ba re: “Ha le bona areka ya selekane sa Morena Modimo wa lona, e jerwe ke baprista, e leng Balevi, le tla tloha moo le leng teng, le e sale morao.


Morena a re ho Joshua: “Ka letsatsi lena ke tla qala ho o hodisa moo Baiseraele bohle ba bonang, ba tle ba tsebe hore ke tla ba le wena jwalokaha ke ile ka ba le Moshe.


Joshua a re ho bana ba Iseraele: “Atamelang kwano, le mamele mantswe a Morena Modimo wa lona.”


Yare ha setjhaba sohle se se se tshetse, jwale ha tshela areka ya Morena, le baprista, ba fetela kapele ho setjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos