Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Wena, o laele baprista ba jereng areka ya selekane, o re ho bona: Etlere ha le fihla metsing a Jordane le eme Jordane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 O tla laela baprista ba jarang areka ya selekane, o re: ‘Ha le fihlile moleng wa metsi a Jorodane, le eme themelele!’ ”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 3:8
20 Referencias Cruzadas  

Elia a re ho yena: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile Jordane. Yena a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Mme ba tsamaya ba babedi.


Ba phutha banababo bona, ba itlhwekisa, mme ka taelo ya morena, le ka ho ya ka mantswe a Jehova, ba kena ho hlwekisa ntlo ya Jehova.


Esekiase a laela hore ho hlahiswe setjheso aletareng; motsotsong oo setjheso se qadilweng ka wona, ha qaleha le pina ya Jehova hammoho le diterompeta, di thusana le diletsa tsa Davida, morena wa Iseraele.


Morena Esekiase le mahosana ba re, Balevi ba boke Jehova ka mantswe a Davida le a Asafe, seboni; mme ba mmoka ka thabo, ba inama le ho kgumama.


Hape, letsoho la Jehova la eba ho Bajuda, ho ba nea pelo e le nngwe ho etsa ka taelo ya morena le ya mahosana, ka ho ya ka lentswe la Jehova.


Hape, ka bolella Balevi hore ba itlhwekise, mme ba tle ho lebela menyako, hore tsatsi la Sabatha le tle le kgethwe. Oho, Modimo wa ka, nkgopole le tabeng ena, mme o nkgauhele ka boholo ba mohau wa hao!


E mong wa bara ba Jojada, mora Eliashibe, moprista e moholo, e ne e le mokgwenyana wa Sanballate, Mohorone; yaba ke mo leleka pela ka.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: Se tshoheng; ikemeleng, le bone pholoso eo Jehova a tla le etsetsa yona kajeno, hobane Baegepeta bao le ba bonang kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona hape, le ka ho sa feleng.


Ho molemo ho motho ho lebella le ho dulela pholoso ya Jehova ka sebete.


Baprista ba jereng areka ya selekane sa Jehova, ba ema ba sataletse mobung o omileng, hare ho Jordane, mme Baiseraele bohle ba tshela mobung o omileng, ho fihlela setjhaba kaofela ha se qetella ho tshela Jordane.


ba laela setjhaba, ba re: Ha le bona areka ya selekane sa Jehova, Modimo wa lona, le baprista, Balevi, ba e jara, le lona le tlohe moo le emeng teng, le e sale morao.


Yaba Jehova o re ho Joshua: Ke tla qala kajeno ho o hodisa pontsheng ho Baiseraele bohle, ba tle ba tsebe hobane ke tla ba le wena jwalokaha nkile ka ba le Moshe.


Joshua a re ho bana ba Iseraele: Atamelang, le utlwe mantswe a Jehova, Modimo wa lona.


Setjhaba ha se qetile ho tshela, areka ya Jehova le yona ya tshela, le bona baprista ba tshela pela setjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos