Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 3:3 - BIBELE

3 Ba laela setjhaba, ba re: “Ha le bona areka ya selekane sa Morena Modimo wa lona, e jerwe ke baprista, e leng Balevi, le tla tloha moo le leng teng, le e sale morao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 ba laela setjhaba, ba re: Ha le bona areka ya selekane sa Jehova, Modimo wa lona, le baprista, Balevi, ba e jara, le lona le tlohe moo le emeng teng, le e sale morao.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 3:3
20 Referencias Cruzadas  

Yare ha ba jereng areka ya Morena, ba tsamaile mehato e tsheletseng feela, Davida a nyehella Morena ka sehlabelo sa pholo le namane e nontshitsweng.


Ba bea areka ya Modimo hodima kariki e ntjha, ba e ntsha ka tlung ya Abinadabe e neng e le leralleng. Bo-Usa le Ako, bara ba Abinadabe, ba qhoba kariki eo e ntjha.


Baholo bohle ba Baiseraele ba tla, mme baprista ba nka areka.


le baprista ba Balevi ba ke ke ba hloka ya tla ntshebeletsa ka ho nketsetsa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya dijo, le ho nketsetsa mahlabelo kamehla.”


Jwale ba tloha thabeng ya Morena, ba tsamaya leeto la matsatsi a mararo. Areka ya selekane sa Morena ya ba etella pele ka matsatsi a mararo, ho ya ba batlela sebaka sa ho phomola.


“Ha Arone le bara ba hae ba qetile ho kwahela Sehalalelo, le dijana tsohle tsa sona, mme ho tlohuwa moo ho neng ho hlomilwe teng, bara ba Kohate ba tla tla, ba nke Sehalalelo, empa ba se ke ba ama dintho tse halalelang, esere ba eshwa. Ena ke mesebetsi ya bara ba Kohate ka Tenteng ya Morena.


Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: “Haeba mang kapa mang a rata ho ntatela, a itele, a inkele sefapano, a ntatele.


Setsebi sa Molao sa tla ho yena, sa re: “Moruti, ke tla o latela hohle moo o ka yang teng.”


a laela Balevi, bajari ba areka ya selekane sa Morena Modimo wa bona, a re:


Moshe a ngola Molao ona, a o nea baprista, e leng bara ba Levi, ba neng ba jara areka ya selekane sa Morena; a o nea le baholo bohle ba Iseraele.


Feela pakeng tsa lona le yona ho be le sebaka se bolelele bo ka bang ba kilomethara. Le se ke la atamela haufi le yona, le tle le tsebe tsela eo le tla tsamaya ka yona, hobane ha le eso ka le tsamaya ka tsela ena.”


Jwale Joshua a bua ho baprista, a re: “Jarang areka ya selekane, le etelle setjhaba pele.” Ba jara areka ya selekane, mme ba etella setjhaba pele.


O tla laela baprista ba jarang areka ya selekane, o re: ‘Ha le fihlile moleng wa metsi a Jorodane, le eme themelele!’ ”


Baprista ba neng ba jere areka ba ema bohareng ba Jorodane, ho fihlela ha ho phethilwe tsohle tseo Morena a neng a laetse Joshua ho di bolella setjhaba, ho ya ka tsohle tseo Moshe a neng a di laetse Joshua. Setjhaba sa potlaka, sa tshela noka.


Joshua, mora wa Nune, a bitsa baprista, a re ho bona: “Nkang areka ya selekane, baprista ba supileng ba tsamaye kapele ho areka eo ya Morena, ba nkile manaka a supileng a pheleu.”


Bana ke bao esaleng ba hlwekile, ba sa kang ba itshilafatsa ka basadi; ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng. Bana ba lopolotswe hara batho, ho ba nyehelo ya pele ho Modimo le ho Konyana.


Balevi ba theola areka ya Morena, le letlole le pela yona, le neng le kentse dintho tse bopilweng ka kgauta, mme tsena ba di bea hodima lefika le leholo leo. Ka lona letsatsi leo, banna ba Bete-Shemeshe ba etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos