Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 3:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 ba laela setjhaba, ba re: Ha le bona areka ya selekane sa Jehova, Modimo wa lona, le baprista, Balevi, ba e jara, le lona le tlohe moo le emeng teng, le e sale morao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ba laela setjhaba, ba re: “Ha le bona areka ya selekane sa Morena Modimo wa lona, e jerwe ke baprista, e leng Balevi, le tla tloha moo le leng teng, le e sale morao.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 3:3
20 Referencias Cruzadas  

Enere ba jereng areka ya Jehova ha ba hatile hatshelela, ho ne ho hlajwa kgomo le namane e nonneng.


Ba kenya areka ya Modimo koloing e ntjha, ha ba se ba e ntshitse tlung ya Abinadabe e leralleng. Ussa le Akio, bara ba Abinadabe, ba ne ba tsamaisa koloi eo e ntjha.


Eitse hobane ho fihle baholo bohle ba Iseraele, baprista ba jara areka;


Le baprista, bao e leng Balevi, ba ke ke ba ba ba hloka motho pela ka ya hlahisang ditjheso, ya tjhesang dibano hammoho le dinyehelo, ya etsang mahlabelo kamehla.


Ba tloha thabeng ya Jehova; ba tsamaya ka matsatsi a mararo; mme areka ya selekane sa Jehova ya ba etella pele sebaka sa matsatsi a mararo, e ba batlele moo ba tla phomola teng.


Etlare ha phutheho e tloha, mme Aarone le bara ba hae ba qetile ho phutha dintho tsa sehalalelo le mesebetsi yohle ya sehalalelo, bara ba Kehathe ba tla kena ho di jara. Ba se ke ba ama dintho tse kgethehileng, ba se tshohe ba eshwa. Ke eo phahlo ya bara ba Kehathe ho tsa tente ya pokano.


Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.


Ebile e mong, e leng mongodi, o mo atamela, a re ho yena: Moruti, moo o yang teng, leha e le kae le kae, ke tla o latela.


a laela Balevi, ba jarang areka ya selekane sa Jehova, a re:


Moshe a ngola molao ona, mme a o nea baprista, bana ba Levi, ba jarang areka ya selekane sa Jehova, le baholo bohle ba Iseraele.


Le mpe le siye sebaka mahareng a lona le yona areka, se ka bang ditswe tse kete tse pedi; le se ke la tla haufi le yona, le tle le tsebe tsela eo le tla ya ka yona; hobane ha le eso ho ye ka tsela eo.


Joshua a bolella le baprista, a re: Jarang areka ya selekane, le etelle setjhaba pele. Ebile ba jara areka ya selekane, ba etella setjhaba pele.


Wena, o laele baprista ba jereng areka ya selekane, o re ho bona: Etlere ha le fihla metsing a Jordane le eme Jordane.


Baprista ba jereng areka ba ema kahare ho Jordane, ho fihlela ha ho phethehile tsohle tseo Jehova a neng a di laetse Joshua hore a di bolelle setjhaba, kahohle kamoo Moshe a neng a laetse Joshua kateng. Setjhaba sa akofa, sa tshela.


Ebile Joshua, mora Nune, o bitsa baprista, a re ho bona: Jarang areka ya selekane, mme baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba eteletse areka ya Jehova pele.


Bao ke ba sa kang ba itshilafatsa le basadi; hobane ba sa le jwaloka mohla ba hlahang. Ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng; ke ba lopolotsweng hara batho, e be dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.


Balevi ba theosa areka ya Jehova, le kese le leng pela yona le nang le ditshwantsho tsa kgauta, mme ba di bea lefikeng le leholo; banna ba Bethe-Shemeshe ba ntoo etsetsa Jehova ditjheso, ba mo hlabela le mahlabelo tsatsing leo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos