Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 3:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Le mpe le siye sebaka mahareng a lona le yona areka, se ka bang ditswe tse kete tse pedi; le se ke la tla haufi le yona, le tle le tsebe tsela eo le tla ya ka yona; hobane ha le eso ho ye ka tsela eo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Feela pakeng tsa lona le yona ho be le sebaka se bolelele bo ka bang ba kilomethara. Le se ke la atamela haufi le yona, le tle le tsebe tsela eo le tla tsamaya ka yona, hobane ha le eso ka le tsamaya ka tsela ena.”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 3:4
12 Referencias Cruzadas  

Jakobo a lemoha sefahleho sa Labane, a bona hobane ha se sa le bakeng sa hae jwaloka pele.


Leha e le maoba le maobane, Saule ha e sa ntse e le morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele, le ho ba orosetsa hae. Le Jehova, Modimo wa hao, o o boleletse, a re: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Na motho ke ofe ya tshabang Jehova? Jehova o tla mmontsha tsela eo a tshwanetseng ho ikgethela yona.


Modimo o tshabeha mokgatlong o moholo wa bahalaledi, o tshajwa ke bohle ba o teelang hare.


O tle o beele setjhaba moedi o teelang thaba hare, o re: Itemoheleng, le se ke la nyolohela thabeng, kapa la ama mosiko wa yona; motho e mong le e mong ya ka amang thaba, o tla bolaelwa ruri.


Wa re: O se ke wa atamela mona; rola meqathatso ya hao maotong a hao, hobane nqalo eo o emeng ho yona ke mobu o halalelang.


Yaba Moshe o re ho Jehova: Oho Morena, ha ke monna ya buang habonolo, leha e le maobane, leha e le maoba, esita le jwale, haesale o bua le mohlanka wa hao; ke motho ya molomo o boima, le ya leleme le boima.


Hobane e se e le kgale Tofethe e lokisitswe, e lokiseditswe morena; e sekoti, e ahlamile; patsi e ngata le mollo di bokelletswe teng; phefumoloho ya Jehova, e kang noka ya sebabole, e tla di hotetsa.


Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa hao, Mohalaledi wa Iseraele: Nna Jehova, Modimo wa hao, ke o ruta se o tshwanelang, ke o tsamaisa ka tsela eo o tshwanetseng ho tsamaya ka yona.


ba laela setjhaba, ba re: Ha le bona areka ya selekane sa Jehova, Modimo wa lona, le baprista, Balevi, ba e jara, le lona le tlohe moo le emeng teng, le e sale morao.


Joshua a ntoo re ho setjhaba: Itlhwekiseng, hobane Jehova o tla etsa dimakatso hara lona hosasa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos