Wa phatlola lewatle kapele ho bona, ba tshela lewatle mobung o ommeng; baphaladisi ba bona wa ba akgela bodibeng, jwaloka lejwe ha le akgelwa metsing a bilohang.
Joshua 24:6 - BIBELE Ka ntsha bo-ntata lona Egepeta, mme ba fihla lewatleng. Baegepeta ba phaladisa bo-ntata lona ka dikariki tsa ntwa, le ka dipere ho ya fihla Lewatleng la Lehlaka. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka ntsha bontata lona Egepeta, la ba la fihla lewatleng; mme Baegepeta ba phallela bontata lona ka makoloi le ka bakalli ho tla fihla Lewatleng le Lefubedu. |
Wa phatlola lewatle kapele ho bona, ba tshela lewatle mobung o ommeng; baphaladisi ba bona wa ba akgela bodibeng, jwaloka lejwe ha le akgelwa metsing a bilohang.
Bana ba Iseraele ba tsamaya ho tloha Ramesese ho ya fihla Sukote, e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a tsheletseng, ho sa balwe bana.
Ka lona letsatsi leo Morena a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka mabotho a bona.
Ke ile ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le lopolla naheng ya bokgoba. Ka romela Moshe ho le etella pele, ka mo romela a ena le Arone le Meriama.
Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa dimakatso le mehlolo naheng eo, le Lewatleng le Lefubedu, le lehwatateng, ka dilemo tse mashome a mane.
Ka tumelo Baiseraele ba ile ba tshela Lewatle le Lefubedu, jwaloka hoja ba tsamaya mobung o ommeng; athe Baegepeta ba ileng ba leka ho ba etsisa, le ile la ba metsa.