Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 24:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka ntsha bontata lona Egepeta, la ba la fihla lewatleng; mme Baegepeta ba phallela bontata lona ka makoloi le ka bakalli ho tla fihla Lewatleng le Lefubedu.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ka ntsha bo-ntata lona Egepeta, mme ba fihla lewatleng. Baegepeta ba phaladisa bo-ntata lona ka dikariki tsa ntwa, le ka dipere ho ya fihla Lewatleng la Lehlaka.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 24:6
11 Referencias Cruzadas  

Wa arole lewatle kapele ho bona, ba ba ba tshela lewatle ka tsela e omileng; ba ba phalletseng wa ba dihela madibeng, jwaloka eka ke lejwe le dihelwang metsing a matla.


Wa phatlola lewatle, wa ba tshedisa lona, wa emisa metsi jwaloka qubu;


Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba ya Sukkothe, e le banna ba maoto ba dikete tse makgolo a tsheletseng, kantle ho bana.


Ka lona tsatsi leo, Jehova a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka makgotla a bona.


Ke o ntshitse lefatsheng la Egepeta, ke o lopolotse tlung ya bohlanka, ka ba ka o etella pele ka Moshe le Aarone le Miriame.


Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa mehlolo le meeka Egepeta, le Lewatleng le Lefubedu, le lefeelleng, ka dilemo tse mashome a mane.


Ka tumelo, ba kile ba tshela Lewatle le Lefubedu, jwaloka hoja e le lefatshe le omileng; mme Baegepeta ha ba leka ho etsa jwalo, ba nkwa ke metsi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos