Ka ho panya ha ntshi feela, lehodimo la fifala ke maru a matsho, moya wa pukutsa, ha na pula ya ditlwebelele. Akabe a palama, a ya Jesereele.
Joshua 17:16 - BIBELE Bana ba Josefa ba re: “Naha e maralla ha e a re lekana. Bakanana bohle ba ahileng naheng e kgohlong, le ba ahileng Bete-Sheane le metsaneng ya yona, le ba ahileng kgohlong ya Jiserele ba na le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe.” Sesotho 1909/1961 (SO) Bana ba Josefa, ba re: Thaba e ke ke ya re lekana, hobane Bakanana kaofela ba dutseng lehwatateng ba na le makoloi a tshepe; ke ba Bethe-Sheane le metse ya teng, le ba lehwatateng la Jisreele. |
Ka ho panya ha ntshi feela, lehodimo la fifala ke maru a matsho, moya wa pukutsa, ha na pula ya ditlwebelele. Akabe a palama, a ya Jesereele.
Morena a matlafatsa Elia, a itlama letheka, a kgisa ka sekaja kapele ho Akabe, ho ya fihla Jesereele.
Hoba tsena di fete, ha etsahala tsena: Nabote wa Mojesereele o ne a ena le tshimo ya morara Jesereele, e le haufi le ntlo ya bokgosi ya Akabe, kgosi ya Samaria.
Morena a bua le ka Jesebele, a re: “Dintja di tla jella setopo sa Jesabele kahara motse wa Jesereele.
Baana, mora wa Ahilode, o ne a okametse Taanake le Megido, le Bete-Sheane yohle e haufi le Saretane, tlasa Jesereele, ho tloha Bete-Sheane ho ya fihla Abele-Mehola, le ho ya fihla ka nqane ho Jokoneame.
Dintja di tla jella setopo sa Jesabele tshimong ya Jesereele, mme ha ho ya tla mo epela.’ ” Yaba o bula monyako, o a baleha.
Mosohlo wa hae o tla tlalatlala hara tshimo ya Jesereele, jwaloka kgapane hara naha, hoo batho ba sa tlo hlola ba tseba le ho re: Enwa ke Jesabele!’ ”
Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla hlaba mokgosi, ke o hlabele Raba ya Baamone: Raba e tla fetoha qubu ya masupi, metse ya yona e tjheswe ke mollo. Jwale Baiseraele ba tla hapa naha ya bona, ba e hape ho ba neng ba e hapile pele,” ho rialo Morena.
Naheng ya Isakare le ya Ashere, Manase o ile a abelwa Bete-Sheane le metsana ya yona, le Jibeleame le metsana ya yona, le baahi ba Dore le metsana ya yona, le baahi ba Ene-Dore le metsana ya yona, le baahi ba Taanake le metsana ya yona, le baahi ba Megido le metsana ya yona, le ditereke tse tharo tse maralla.
Yaba Joshua o re ho bona: “Haeba le le setjhaba se seholo, nyolohelang morung mane, mme le hleke difate naheng ya Baperise, le ya Barefaime, hobane sebaka sena sa naha e maralla se senyenyane bakeng sa lona.”
Yaba Joshua o bua le ba ntlo ya Josefa, e leng ba ntlo ya Efraime, le ba ntlo ya Manase, o re: “Le setjhaba se seholo, se matla haholo; le ke ke la fumana seabo se le seng feela.
Naha e maralla e tla ba ya lona, hobane leha e tletse meru le tla e hleka, e be ya lona ho ya fihla meeding ya yona. Leha Bakanana ba ena le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe, mme ba le matla, le tla ba leleka.”
Morena a nna a ba le ba morabe wa Juda, ba leleka baahi ba naha e maralla, empa ba se ke ba leleka baahi ba ka kgohlong, hobane ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse entsweng ka tshepe.
Sisera a bokella dikariki tsa hae tsohle tsa ntwa, e le dikariki tse makgolo a robong tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe; le mabotho wohle ao a neng a ena le wona, ho tloha Haroshete ya Baditjhaba ho ya fihla molatswaneng wa Kishone.
Bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, hobane Jabine o ne a ena le dikariki tsa ntwa tse makgolo a robong, tse entsweng ka tshepe. A hatella bana ba Iseraele habohloko ka dilemo tse mashome a mabedi.
Jwale Bamidiane bohle, le Baamaleke, le ditjhaba tsa botjhabela, ba bokellana, ba tshela Jorodane, ba hloma phuleng ya Jesereele.
Bafilesita ba kgobokanyetsa mabotho a bona wohle Afeke. Baiseraele bona ba hloma haufi le sediba se Jesereele.