Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 17:11 - BIBELE

11 Naheng ya Isakare le ya Ashere, Manase o ile a abelwa Bete-Sheane le metsana ya yona, le Jibeleame le metsana ya yona, le baahi ba Dore le metsana ya yona, le baahi ba Ene-Dore le metsana ya yona, le baahi ba Taanake le metsana ya yona, le baahi ba Megido le metsana ya yona, le ditereke tse tharo tse maralla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Fatsheng la Issaskare le la Asere, Manasse a newa Bethe-Sheane le metse ya teng, le Jibleame le metse ya teng, le ba ahileng Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Ene-Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Thaanake le metseng ya teng, le ba ahileng Megiddo le metseng ya teng, le diqepho tse tharo.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 17:11
22 Referencias Cruzadas  

Davida a theoha, a ya nka masapo a Saule le a Jonathane, mora wa Saule, ho banna ba Jabeshe-Gileade, ba neng ba a utswe lebaleng la Bete-Shane, moo Bafilesita ba neng ba ile ba ba fanyehela teng, mohla Saule a bolaelwang Gileboa ke Bafilesita.


Kgosi Solomone o ne a ile a sebedisa makgoba hore a hahe ntlo ya Morena, le ntlo ya hae, le Milo, le lerako la Jerusalema, le Hasore, le Megido, le Gesere.


Ha Akasiya, kgosi ya Juda, a bona hona, a baleha ka tsela e lebang Bethekane. Jehu a mo salama, a re: “Le yena enwa mo fulelleng ka kariking ya hae ya ntwa!” Ba mo fula ha a le moepeng o nyolohelang Gure, haufi le Jibeleame. Akasiya a balehela Megido, a ya shwela teng.


Naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase ba abelwa Anere le makgulo a yona, le Bileame le makgulo a yona. Metse ena ya abelwa malapa a setseng a ba morabe wa Kohate.


Meeding ya ba morabe wa Manase e le Bete-Sheane le metsana ya yona, le Taanake le metsana ya yona, le Megido le metsana ya yona, le Dore le metsana ya yona. Bara ba Josefa, mora wa Iseraele, ba ne ba ahile metseng ena.


Leha ho le jwalo, Josiya a hana ho kgutla, a ikgakanya, e le hore a tle a mo lwantshe. A se ke a mamela mantswe a Neko, a tswang molomong wa Modimo, a ya ka kgohlong ya Megido ho ya lwantsha Neko.


Ako ba etse jwaloka ba Midiane, o ba etse jwaloka Sisera, le Jabine nokaneng ya Kishone,


Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla hlaba mokgosi, ke o hlabele Raba ya Baamone: Raba e tla fetoha qubu ya masupi, metse ya yona e tjheswe ke mollo. Jwale Baiseraele ba tla hapa naha ya bona, ba e hape ho ba neng ba e hapile pele,” ho rialo Morena.


Mohla tsatsi leo, sello sa Jerusalema e tla ba sa mmokotsane, se tshwane le sa mohla ho neng ho llelwa Hadade-Rimone, phuleng ya Megido.


A o romela le ho dikgosi tsohle tse ka leboya, naheng e maralla, le Lewatleng la Letswai, ka borwa ho Kinerete, le diphuleng, le maralleng a Dore, ka bophirimela.


le kgosi ya Taanake, le kgosi ya Megido,


le kgosi ya Dore e maralleng a Dore, le kgosi ya Koime e Gilegale,


hammoho le metse, le metsana yohle, e neng e abetswe bana ba Efraime, e fumanwa hara naha eo e neng e le lefa la bana ba Manase.


Ka borwa e ne e le ha Efraime, ka leboya e le ha Manase, lewatle e le moedi wa bona. Ka leboya moedi o ne o fihla Ashere, ka botjhabela o fihla ha Isakare.


Bana ba Josefa ba re: “Naha e maralla ha e a re lekana. Bakanana bohle ba ahileng naheng e kgohlong, le ba ahileng Bete-Sheane le metsaneng ya yona, le ba ahileng kgohlong ya Jiserele ba na le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe.”


Ba morabe wa Manase ba se ke ba leleka baahi ba Bete-Sheane le ba metsana ya yona, le ba Taanake le ba metsana ya yona, le ba Dore le ba metsana ya yona, le ba Jibeleame le ba metsana ya yona, le ba Megido le ba metsana ya yona. Bakanana ba tsitlella ho aha naheng eo.


“Dikgosi tsa fihla tsa lwana, dikgosi tsa Kanana tsa lwana di le Taanake, di le Taanake pela metsi a Megido, empa ha di a ka tsa hapa silefera.


Yaba Saule o re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng mosadi wa senohe, ke yo disetsa ho yena.” Ba re ho yena: “Mane Ene-Dore mosadi ya jwalo o teng.”


Ba bea seaparo sa hae sa ntwa ka tempeleng ya Asetarote; ba thakgisa setopo sa hae lerakong la Bete-Shane.


banna bohle ba bahale ba phalla, ba tsamaya bosiu bohle, ba fihla ba fanyolla setopo sa Saule le ditopo tsa bara ba hae lerakong la Bete-Shane, ba kgutlela Jabeshe, ba di tjhesetsa hona teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos