Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 17:17 - BIBELE

17 Yaba Joshua o bua le ba ntlo ya Josefa, e leng ba ntlo ya Efraime, le ba ntlo ya Manase, o re: “Le setjhaba se seholo, se matla haholo; le ke ke la fumana seabo se le seng feela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Joshua a bolella ba ntlo ya Josefa, Baefraime le Bamanasse, a re: Empa le batho ba bangata, le matla haholo, le ke ke la ba le seabo se le seng feela; hobane thaba e tla ba ya lona;

Ver Capítulo Copiar




Joshua 17:17
4 Referencias Cruzadas  

Lengeloi le ntopoletseng bobeng bohle, a hlohonolofatse bahlankana bana! Bitso la ka, le la Aborahama, le la Isaka, a ke a tume, a tumiswe ke bona, ba ke ba ate, ebe letshwele naheng ena.”


Bana ba Josefa ba re: “Naha e maralla ha e a re lekana. Bakanana bohle ba ahileng naheng e kgohlong, le ba ahileng Bete-Sheane le metsaneng ya yona, le ba ahileng kgohlong ya Jiserele ba na le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe.”


Naha e maralla e tla ba ya lona, hobane leha e tletse meru le tla e hleka, e be ya lona ho ya fihla meeding ya yona. Leha Bakanana ba ena le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe, mme ba le matla, le tla ba leleka.”


Ho ne ho ena le monna e mong wa Ramataime-Sofime, wa naha e maralla ya Efraime. Lebitso la hae e ne e le Elekana, mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Elehu, Elehu mora wa Tohu, Tohu mora wa Sufe, wa morabe wa Efraime.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos