Joshua 17:16 - BIBELE16 Bana ba Josefa ba re: “Naha e maralla ha e a re lekana. Bakanana bohle ba ahileng naheng e kgohlong, le ba ahileng Bete-Sheane le metsaneng ya yona, le ba ahileng kgohlong ya Jiserele ba na le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)16 Bana ba Josefa, ba re: Thaba e ke ke ya re lekana, hobane Bakanana kaofela ba dutseng lehwatateng ba na le makoloi a tshepe; ke ba Bethe-Sheane le metse ya teng, le ba lehwatateng la Jisreele. Ver Capítulo |
Naheng ya Isakare le ya Ashere, Manase o ile a abelwa Bete-Sheane le metsana ya yona, le Jibeleame le metsana ya yona, le baahi ba Dore le metsana ya yona, le baahi ba Ene-Dore le metsana ya yona, le baahi ba Taanake le metsana ya yona, le baahi ba Megido le metsana ya yona, le ditereke tse tharo tse maralla.