Empa ntatae a hana, a re: “Ke a tseba, ngwana ka, ke a tseba; le yena e tla ba setjhaba, mme le yena o tla ba moholo. Leha ho le jwalo, moena hae o tla ba moholo ho mo feta, mme bana ba hae e tla ba ditjhabatjhaba.”
Joshua 17:14 - BIBELE Bana ba Josefa ba bua ho Joshua, ba re: “Ke ka baka lang ha o re file seabo se le seng le karolo e le nngwe feela e le lefa la rona, empa o bona hore re setjhaba se seholo, mme ho fihlela jwale Morena a nnile a re hlohonolofatsa?” Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile bana ba Josefa ba bolella Joshua, ba re: O re neile keng karolo e le nngwe le seabo se le seng feela, ho ba lefa la rona na, athe re batho ba bangata, mme Jehova o re hlohonolofaditse ho fihlela jwale? |
Empa ntatae a hana, a re: “Ke a tseba, ngwana ka, ke a tseba; le yena e tla ba setjhaba, mme le yena o tla ba moholo. Leha ho le jwalo, moena hae o tla ba moholo ho mo feta, mme bana ba hae e tla ba ditjhabatjhaba.”
Ka lona letsatsi leo a ba hlohonolofatsa, a re: “Baiseraele ba tla hlohonolofatsana, ba hlohonolofatsane ka lona, ba re: ‘Modimo a ke a ba atlehise, a ba atlehise jwaloka Efraime le Manase.’ ” Ka mokgwa o jwalo a eteletsa Efraime kapele ho Manase.
Hape wena, ho fetisa bana beno, ke o nea letsatsa la thaba, leo ke neng ke le hape ho Baamore ka sabole ya ka, le ka seqha sa ka.”
Morabe o nang le batho ba bangata o o abele karolo e kgolo, mme o nang le batho ba mmalwana o o abele karolo e nyenyane ya naha. Morabe o mong le o mong o abelwe lefa ho ya ka palo ya ba badilweng.
Baradi ba Selofehade ba ile ba nyalwa malapeng a bara ba Manase, mora wa Josefa, mme lefa la bona ya nna ya eba lefa la morabe wa lelapa la ntata bona.
Yaba Joshua o re ho bona: “Haeba le le setjhaba se seholo, nyolohelang morung mane, mme le hleke difate naheng ya Baperise, le ya Barefaime, hobane sebaka sena sa naha e maralla se senyenyane bakeng sa lona.”