Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 48:22 - BIBELE

22 Hape wena, ho fetisa bana beno, ke o nea letsatsa la thaba, leo ke neng ke le hape ho Baamore ka sabole ya ka, le ka seqha sa ka.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ke o nea kabelo e nngwe kantle ho ya banabeno, e leng eo ke e hapileng ho Baamore ka lerumo le ka le ka seqha sa ka.

Ver Capítulo Copiar




Genese 48:22
12 Referencias Cruzadas  

Moloko wa bone o tla kgutlela mona, hobane bokgopo ba Baamore ha bo eso phethehe.”


Setsha seo a hlomileng tente ya hae ho sona a se reka ho bara ba Hamore, ntata Shekeme, ka ditjhelete tse lekgolo.


Ba nka mehlape ya bona ya dinku, le ya dikgomo, le ditonki tsa bona, le tsohle tse neng di le motseng le naheng.


le Bajebuse, le Baamore, le Bagirigashe,


Le hoja Juda a ne a le matla ho feta bana babo, mme mmusi a ile a hlaha lapeng la hae, ditokelo tsa boholo e ile ya eba tsa Josefa.


Morena Modimo o bua tjena: “Ena ke meedi eo ka yona le tla arolela merabe e leshome le metso e mmedi ya Iseraele naha, hore e be lefa. Josefa yena o tla abelwa dikarolo tse pedi.


Ke ne ke timetse Baamore ba le thibetse tsela, leha ba ne ba le balelele, ba le balelele sa dikedare, ba le matla sa difate tsa dieike. Tholwana tsa bona ka di fedisa, le metso ya bona ka e fothola.


A fihla motseng wa Samaria o bitswang Sikare, haufi le tshimo eo Jakobo a neng a e nee mora wa hae Josefa.


O tla ananela mora wa matsibolo, wa mosadi ya hloilweng, a be a mo nee diabo tse pedi tsa dintho tsohle tseo a nang le tsona, hobane ke mora wa hae wa matswathaka, mme ditokelo tsa mora wa matsibolo ke tsa hae.”


Masapo a Josefa, ao bana ba Iseraele ba neng ba ile ba nyoloha le wona Egepeta, ba a epela Shekeme, seratswaneng seo Jakobo a neng a ile a se reka ho bana ba Hamore, ntata Shekeme, ka ditjhelete tse lekgolo tsa silefera, mme ya eba lefa la bana ba Josefa.


“Kahoo Morena Modimo wa Iseraele, a leleka Baamore kapele ho setjhaba sa hae sa Baiseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos