Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 26:54 - BIBELE

54 Morabe o nang le batho ba bangata o o abele karolo e kgolo, mme o nang le batho ba mmalwana o o abele karolo e nyenyane ya naha. Morabe o mong le o mong o abelwe lefa ho ya ka palo ya ba badilweng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

54 ba fetisang ka bongata o tla ba nea lefa le fetisang ka boholo, ba banyenyane ka palo ya bona o tla ba nea lefa le lenyenyane; e mong le e mong o tla newa lefa le lekaneng le palo ya ba badilweng ba leloko la hae.

Ver Capítulo Copiar




Numere 26:54
7 Referencias Cruzadas  

“Naha ena ba tla e arolelwa e le lefa la bona, ho ya ka palo ya bona.


“Dinaha tsa Atarote, le Dibone, le Jarese, le Nimera, le Heshebone, le Elale, le Sebama, le Nebo, le Beone;


Yaba ba re: “Haeba o re hauhetse, re nee naha ena e be lefa la rona, o se ke wa re re tshele Jorodane.”


Naha eo e tla ba lefa la lona, mme le tla e arola ka lotho, ho ya ka malapa abo lona. Ba bangata o ba abele karolo e kgolo, ba mmalwana o ba abele karolo e nyenyane. Kamoo lotho le tla kgethela motho kateng, lefa le ajwe jwalo. Naha eo e tla ba ya lona ho ya ka merabe ya bo-ntata lona.


Ha e le metse ya lefa la bana ba Iseraele, eo o tla e abela Balevi, o tla nka e mengata ho ba leng bangata, o nke e mmalwana ho ba leng mmalwana. Morabe o mong le o mong o tla nea Balevi metse ya wona ho lekana lefa leo o le fumaneng.”


Bana ba Josefa ba bua ho Joshua, ba re: “Ke ka baka lang ha o re file seabo se le seng le karolo e le nngwe feela e le lefa la rona, empa o bona hore re setjhaba se seholo, mme ho fihlela jwale Morena a nnile a re hlohonolofatsa?”


Kaha karolo ya bana ba Juda e ne e le kgolo ho feta palo ya bona, karolo e nngwe ya naha eo ya bana ba Juda e ile ya abelwa bana ba Simeone. Ka baka leo, naha ya bana ba Simeone e ne e le kahara naha ya bana ba Juda.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos