Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 26:55 - BIBELE

55 Feela ba arolelwe naha ena ka lotho. Ba tla arolelwa naha ena ho ya ka mabitso a merabe ya bo-ntata bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

55 Empa lefatshe le tla arolwa ka lotho; ba tla le newa ka mabitso a meloko ya bontata bona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 26:55
21 Referencias Cruzadas  

Batho ba laola ditaba ka lotho, empa diqeto tsona ke tsa Morena.


Ha laola ka lotho ho fedisa diqabang, ho namole ba matla, ba lwantshanang.


Le e arolelane e le lefa la lona, le la baditjhaba ba ahileng hara lona, bao bana ba bona ba tswaletsweng naheng ena. Le ba tadime e le matswallwa a naha ya Iseraele, mme le ba abele lefa mmoho le ba merabe ya Iseraele.


Lefa la morabe ka mong, le arolwe ka lotho, o mong le o mong o abelwe ho ya ka bongata kapa bonyenyane ba palo ya wona.”


Naha eo e tla ba lefa la lona, mme le tla e arola ka lotho, ho ya ka malapa abo lona. Ba bangata o ba abele karolo e kgolo, ba mmalwana o ba abele karolo e nyenyane. Kamoo lotho le tla kgethela motho kateng, lefa le ajwe jwalo. Naha eo e tla ba ya lona ho ya ka merabe ya bo-ntata lona.


Moshe a laela bana ba Iseraele, a re: “Ena ke yona naha eo le tla e arolelana ka lotho, hore e be lefa la lona; eo Morena a laetseng hore e newe merabe e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase.


ba re: “Morena o o laetse ho abela bana ba Iseraele naha ena ka lotho, e le lefa la bona. Morena a ba a o laela hore lefa la ngwanabo rona Selofehade, o le abele baradi ba hae.


Ba kgetha ka lotho, la ntsha Matiase, yaba o balellwa le baapostola ba leshome le motso o mong.


A le ke le leboheng Modimo Ntate ka thabo, yena ya le entseng ba lokelang ho ba le kabelo lefeng la bahalaledi, leseding.


Ka mokgwa o jwalo Joshua a hapa naha yohle, ho ya ka tsohle tseo Morena a ileng a di laela Moshe. Joshua a nea Baiseraele naha eo e le lefa la bona, ho ya ka dikarolo tsa bona, le ka merabe ya bona. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.


Lefa leo la ajwa ka lotho, la abelwa merabe e robong le karolo e nngwe ya morabe wa Manase, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Bana ba Josefa ba bua ho Joshua, ba re: “Ke ka baka lang ha o re file seabo se le seng le karolo e le nngwe feela e le lefa la rona, empa o bona hore re setjhaba se seholo, mme ho fihlela jwale Morena a nnile a re hlohonolofatsa?”


Naha ena le e arole ka dikarolo tse supileng, ebe le ntlisetsa seo le se ngotseng, mme ke tla le etsetsa lotho mona, kapele ho Morena Modimo wa lona.


Jwale ha tswa lotho la bobedi, la bana ba morabe wa Simeone, ho ya ka malapa abo bona. Naha ya bona e ne e le kahara naha ya bana ba Juda.


Jwale ha tswa lotho la boraro la bana ba Sebulone, ho ya ka malapa abo bona. Moedi wa naha ya bona o ne o fihla Saride.


Lotho la bone la tswa e le la bana ba Isakare; ke ho re bana ba Isakare ho ya ka malapa abo bona.


Jwale ha tswa lotho la bohlano, la bana ba morabe wa Ashere, ho ya ka malapa abo bona.


Lotho la botshelela la tswa e le la bana ba morabe wa Nafthali; ke ho re ba Nafthali ho ya ka malapa abo bona.


Lotho la bosupa la tswa e le la bana ba morabe wa Dane, ho ya ka malapa abo bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos