La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 16:9 - BIBELE

hammoho le metse, le metsana yohle, e neng e abetswe bana ba Efraime, e fumanwa hara naha eo e neng e le lefa la bana ba Manase.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Metse e meng ya arolelwa bana ba Efraime lefeng la bana ba Manasse, metse eo yohle e na le metsana ya yona.

Ver Capítulo



Joshua 16:9
6 Referencias Cruzadas  

A mmea hore e be kgosi ya Gileade, le ya Ashehure, le ya Jesereele, le ya Efraime, le ya Benjamine, e, le ya naha yohle ya Iseraele.


Naha ya bona, eo ba neng ba ahile ho yona, e ne e le Bethele le metsana ya yona. Ka botjhabela e le Naarane, ka bophirimela e le Gesere le metsana ya yona, le Shekeme le metsana ya yona, le ho ya fihla Aya le metsaneng ya yona.


naha ya Manase e sehelane moedi le ya Efraime;


Leha ha le jwalo ha ba a ka ba ba ba leleka Bakanana ba neng ba ahile Gesere. Bakanana ba nnile ba aha hara bana ba Efraime ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, mme ba fetoha makgoba a sebetsang ka thata.


Ho tloha Tapua moedi o ne o leba bophirimela, ho ya fihla molatswaneng wa Kana, o yo fella lewatleng. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona;


Moedi wa theosa ho ya fihla molatswaneng wa Kana. Metse e ka borwa ho molatswana oo, e hara metse ya Manase, yona e ne e le ya Efraime. Moedi wa naha ya Manase o ne o le ka leboya ho molatswana oo, o ilo fella lewatleng.