Joshua 16:1 - BIBELE Lotho la abela bana ba Josefa naha e tlohang Jorodane, pela Jeriko, ka botjhabela ho didiba tsa Jeriko, ho ya fihla lehwatateng; le ho tloha Jeriko, ho nyolosa hara naha e maralla, ho ya fihla Bethele. Sesotho 1909/1961 (SO) Naha e laoletsweng bana ba Josefa, moedi wa yona o ne o tloha Jordane mabapa le Jeriko, ho isa metsing a Jeriko nqa botjhabela le lefeelleng le nyolosetsang thabeng ya Bethele ho tswa Jeriko; |
Ka lehlakoreng le ka leboya moedi wa bona o ne o tloha nokeng ya Jorodane, o nyolosetsa lehlakoreng la Jeriko le ka leboya, o nyolose hara naha e maralla, ka bophirimela, o yo fella lehwatateng la Bete-Afene.
Naha eo le e arole dikarolo tse supileng. Moedi wa morabe wa Juda o tla nne o be ka borwa, mme moedi wa morabe wa Josefa o nne o be ka leboya.
Jwale Joshua le Baiseraele bohle ba etsa jwalokaha eka ba etsa sealo, ba baleha ka tsela a yang lehwatateng.
Ba ntlo ya Josefa ba romela dihlwela ho ya hlwela motse wa Bethele. Pele lebitso la motse ona e ne e le Lose.