Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 15:63 - BIBELE

63 Ha e le Bajebuse bona, e leng baahi ba Jerusalema, bana ba Juda ba ile ba sitwa ho ba leleka. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno, Bajebuse ba ntseng ba ahile Jerusalema, mmoho le bana ba Juda.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

63 Haele Bajebuse ba neng ba ahile Jerusalema, bana ba Juda ba sitwa ho ba leleka; Bajebuse ba ahile ke hona le bana ba Juda, Jerusalema, ho fihlela kajeno.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 15:63
9 Referencias Cruzadas  

le bana ba bona ba ileng ba sala naheng eo, bao bana ba Iseraele ba ileng ba sitwa ho ba timetsa ho hang, Solomone o ile a ba fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Bana e ne e le bona dihlooho tsa malapa abo bona, kamoo a ngotsweng kateng bukeng ya leloko. Ba ne ba ahile Jerusalema.


le Nibeshane, le Motse wa Letswai, le Ene-Gedi. Metse ena, e ne e tsheletse, le metsana ya yona.


Moedi o nyolose ka kgohlo ya mora wa Hinome, ka lehlakoreng le ka borwa ho Bajebuse — ke yona Jerusalema — o nyolohele tlhorong ya thaba e kapele ho kgohlo ya Hinome, ka bophirimela, e leng ka leboya qetheng ya kgohlwana ya Refaime.


Bana ba Benjamine ba se ke ba leleka Bajebuse bao e neng e le baahi ba Jerusalema, empa Bajebuse ba aha hara bana ba Benjamine ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Bana ba Juda ba futuhela Jerusalema, ba e hapa, ba bolaya baahi ba yona ka sabole, ba tjhesa motse ka mollo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos