Baale-Hanane wa Mogedere, o ne a hlokomela difate tsa mohlwaare le tsa monokotshwai tse maralleng a ka bophirimela; Jowashe o ne a hlokomela matlo ao ho bolokwang ole ka ho wona.
Joshua 15:41 - BIBELE le Gederote, le Bete-Dagone, le Naama, le Makeda. Metse ena e ne e le leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya yona. Sesotho 1909/1961 (SO) Gederothe, Bethe-Dagone, Naama, le Makkeda; metse eo e leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya eona; |
Baale-Hanane wa Mogedere, o ne a hlokomela difate tsa mohlwaare le tsa monokotshwai tse maralleng a ka bophirimela; Jowashe o ne a hlokomela matlo ao ho bolokwang ole ka ho wona.
Le Bafilesita ba ne ba se ba futuhetse metse e ka mabalane, le e ka borwa ho naha ya Juda, ba hapile Bete-Shemeshe, le Aiyalone, le Gederote, le Soko le metsana ya yona, le Timina le metsana ya yona, le Gimeso le metsana ya yona, mme ba se ba ahile moo.
Ha metswalle e meraro ya Jobo, e leng Elefase ya tswang Temana, le Biledade ya tswang Shua, le Sofara ya tswang Naama, e utlwela tsena tsohle tse bohloko tse mo hlahetseng, ya mo etela; motho ka mong a etswa hahabo. Banna bana ba ne ba dumellane hore ba tle mmoho, ho tla lla le yena, le ho mo tshedisa.
Morena a ba ferekanya, Baiseraele ba ba rinyetsa Gibeone. Ba ba phaladisa ho ya fihla lekgalong la Bete-Horone, mme ba ba bolaya ho ya fihla Aseka, le ho ya fihla Mekeda.
setjhaba sohle sa kgutlela diahelong tsa Joshua tse Makeda, ka kgotso. Ha ho ya kileng a nyatsa bana ba Iseraele, leha e le ho nyefola e mong wa bona feela.
Ka lona letsatsi leo Joshua a hapa motse wa Makeda, mme a bolaya kgosi ya wona ka sabole, a timetsa ho hang bohle ba neng ba phela motseng oo, a se ka a siya le ya mong. A etsa kgosi ya Makeda jwalokaha a ile a etsa kgosi ya Jeriko.
O thinyetse ka nqa botjhabela, o lebe Bete-Dagone, o yo fihla Sebulone le Kgohlong ya Jifetahele, ka leboya ho Bete-Emeke le Neiele. O lopalle ho ya Kabule, ka ho le letshehadi.