Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 10:28 - BIBELE

28 Ka lona letsatsi leo Joshua a hapa motse wa Makeda, mme a bolaya kgosi ya wona ka sabole, a timetsa ho hang bohle ba neng ba phela motseng oo, a se ka a siya le ya mong. A etsa kgosi ya Makeda jwalokaha a ile a etsa kgosi ya Jeriko.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Tsatsing leo, Joshua a kena Makkeda, mme a bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, a timetsa le morena wa teng le batho bohle ba teng; ha a ka a siya motho le a mong teng; a etsa ho morena wa Makkeda jwalokaha a ne a entse ho morena wa Jeriko.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 10:28
19 Referencias Cruzadas  

Pesalema ya Davida. Morena o itse ho Morena wa ka: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao.”


Empa dira tsena tsa ka, tse sa kang tsa rata ha ke rena hodima tsona, di tliseng kwano, le di bolaele kapela ka.”


hobane eka kgona Kreste a buse ho fihlela Modimo a bea dira tsohle tsa hae katlasa maoto a hae.


Ka yona nako eo ra hapa metse ya hae yohle, mme motse o mong le o mong o nang le baahi ra o ripitla ho hang, ra bolaya banna, le basadi, le bana, ra se ke ra siya le ya mong.


Ditjhaba tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a tla neelana ka tsona matsohong a lona, le tla di timetsa. Le se ke la di hauhela, le se ke la sebeletsa medimo ya tsona, hobane hona e tla ba leraba ho lona.”


Ha Morena Modimo wa lona, a le neela ditjhaba tsena, le tla di hlola, ebe le di timetsa ho hang. Le se ke la etsa selekane le ditjhaba tseo, leha e le ho di utlwela bohloko.


Le wona motse ona Morena a neelana ka wona matsohong a bana ba Iseraele. A neelana le ka kgosi ya wona. Joshua a bolaya kgosi eo, le batho bohle ba phelang motseng oo, ka sabole, mme a se ke a siya le ya mong. Kgosi ya teng a e etsa jwalokaha a ile a etsa kgosi ya Jeriko.


Morena a neelana ka motse oo wa Lakishe matsohong a bana ba Iseraele. Ka letsatsi la bobedi a o hapa, a bolaya batho bohle, ba neng ba phela motseng oo, ka sabole, ho latela sohle seo a ileng a se etsa motseng wa Lebena.


Ka lona letsatsi leo ba o hapa, ba bolaya batho bohle ba neng ba phela ho wona, ka sabole. Batho bohle ba neng ba phela motseng oo a ba timetsa ho hang ka lona letsatsi leo, ho latela sohle seo a ileng a se etsa motseng wa Lakishe.


Ba o hapa, ba bolaya batho ba neng ba phela ho wona, ka sabole, ba ba bolaya le kgosi ya teng. Ba hapa le metsana yohle ya teng, ba bolaya batho bohle ba neng ba phela ho yona. A se ke a siya le ya mong, ho latela sohle seo a ileng a se etsa motseng wa Egelone. A o timetsa ho hang le batho ba neng ba phela ho wona.


Ba o hapa, ba hapa le kgosi ya wona, le metsana yohle ya teng, ba bolaya batho ba teng ka sabole, mme ba timetsa ho hang bohle ba neng ba phela teng. A se ke a siya le ya mong. Jwalokaha a ne a ile a etsa motseng wa Heborone, le motseng wa Debiri, le ho kgosi ya teng, a etsa jwalo le motseng wa Lebena, le ho kgosi ya teng.


le kgosi ya Lebena, le kgosi ya Adulame,


le kgosi ya Makeda, le kgosi ya Bethele;


le Gederote, le Bete-Dagone, le Naama, le Makeda. Metse ena e ne e le leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya yona.


Tsohle tse neng di le kahara motse ba di ripitla ho hang ka sabole: banna le basadi, batjha le maqheku, le kgomo, le nku, le tonki.


O etse Ai le kgosi ya yona jwalokaha o ile wa etsa Jeriko le kgosi ya yona. Le tla inkela feela thepa ya yona, le diphoofolo tsa yona, e le kgapo ya lona. Bahlabani ba lalle kamorao ho motse.”


Empa ha baahi ba Gibeone ba utlwa seo Joshua a se entseng Jeriko, le Ai,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos