Ka yona nako eo Juda a tloha ho bana babo, a fapohela ha monna wa Adulame, eo lebitso la hae e neng e le Hira.
Joshua 15:35 - BIBELE le Jaremute, le Adulame, le Soko, le Aseka, Sesotho 1909/1961 (SO) Jarmuthe, Adullame, Soko, Aseka; |
Ka yona nako eo Juda a tloha ho bana babo, a fapohela ha monna wa Adulame, eo lebitso la hae e neng e le Hira.
Mosadi wa hae wa Mojuda a tswala Jerede ya ileng a thea Gedore, le Hebere ya ileng a thea Soko, le Jekutiele ya ileng a thea Sanowa.
Lona baahi ba Maresha ke tla le neella ka seqhobane, eo e leng tlotla ya Iseraele o tla tla, o tla tla lehaheng la Adulame.
Morena a ba ferekanya, Baiseraele ba ba rinyetsa Gibeone. Ba ba phaladisa ho ya fihla lekgalong la Bete-Horone, mme ba ba bolaya ho ya fihla Aseka, le ho ya fihla Mekeda.
Ba etsa jwalo. Ba ntsha dikgosi tseo tse hlano ka lehaheng, ba di tlisa ho yena, e le kgosi ya Jerusalema, le kgosi ya Heborone, le kgosi ya Jaremute, le kgotsi ya Lakishe, le kgosi ya Egelone.
Yaba Adoni-Sedeke, kgosi ya Jerusalema, o romela molaetsa ho Hohame, kgosi ya Heborone; le ho Pirame, kgosi ya Jaremute; le ho Jafia, kgosi ya Lakishe; le ho Debiri, kgosi ya Egelone, o re:
le Shaaraime, le Aditaime, le Gedera, le Gederotaime. Metse ena e ne e le leshome le metso e mene, le metsana ya yona.
Bafilesita ba kgobokanya mabotho a bona hore a ye ntweng; ba a kgobokanya Soko e naheng ya Juda. Ba hloma pakeng tsa Soko le Aseka e naheng ya Efese-Damime.
Davida a tloha Gate, a balehela lehaheng la Adulame. Ha bana babo, le ba lelapa lohle la ntatae ba utlwela, ba theohela moo ho yena.