Joshua 15:19 - BIBELE Akasa a re: “Ako mphe mpho e nngwe hape. Erekaha o nneile naha ya Negebe, ako mphe le didiba.” Kalebe a mo nea didiba tse hodimo le tse tlase. Sesotho 1909/1961 (SO) A re: Nnee mpho, hobane o nneile naha nqa borwa; nnee le didiba tsa metsi. A mo nea didiba tse kahodimo le tse katlase. |
Ako amohele mpho ya ka hle, eo ke o tliseditseng yona, hobane Modimo o ile a nkgauhela, le hobane ke na le tse ntekaneng.” A mo pheella, mme Esau a amohela mpho eo.
Ka hona ke ile ka hopola hore ke tshwanela ho kopa bana bana babo rona ho nketella pele, ba tle ba lokise dimpho tseo le ntshepisitseng tsona. Ha di se di lokisitswe, e tla ba dimpho tsa sebele, e seng tsa bokgonatha.
“A hlohonolofatsa Juda, a re: “ ‘Morena, sekeha tsebe o e sekehele sello sa Juda, o mmusetse ho ba morabe wa hae, a itshireletse ka matsoho a hae, o be mathusetsa ho yena direng tsa hae.’
Ha Akasa a fihla ho Oteniele, Oteniele a mo pheella hore a kope ntatae, Kalebe, a ke a mo qothele naha. Ha Akasa a tholoha tonki ya hae, Kalebe a re ho yena: “O batlang?”
Jwale mpho ena, eo lekgabunyane la hao le o tliseditseng yona, e ke e newe bahlankana ba tsamayang le wena, monga ka.