Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 12:9 - BIBELE

9 Aborame a tsamaya a hloma a hlomola, a leba borwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Abrame a tloha, a tsamaya a ntse a lebile borwa.

Ver Capítulo Copiar




Genese 12:9
10 Referencias Cruzadas  

Aborame a nyoloha Egepeta, yena le mosadi wa hae, mmoho le Lota, le tsohle tseo a neng a ena le tsona, ba ya naheng e ka borwa.


A nna a tswela pele maetong a hae ho tloha borwa ho ya Bethele, le ho ya fihla sebakeng seo a neng a hlomile ditente tsa hae mehleng ya pele, pakeng tsa Bethele le Ai,


Ho tloha moo Aborahama a fallela naheng e ka nqa borwa, a aha dipakeng tsa Kadeshe le Shure, a jaka Gerare.


Jwale eitse ha Modimo a etsa hore ke falle tlung ya ntate, ka re ho mosadi: ‘Molemo oo o tla nketsetsa wona ke ona: hohle moo re fihlang teng, ha o bua ka nna, o no re: Enwa ke kgaitsedi ya ka!’ ”


Isaka o ne a etswa Sedibeng sa Lakai-Roi kaha o ne a ahile naheng e ka borwa.


ba ntse ba lelera hara ditjhaba, ba tloha mmusong o mong, ba eya ho o mong,


Bona ke boporofeta malebana le dibatana tsa naha e ka Borwa: Naheng ya ditsietsi le ya mahlomola, naheng ya ditau le ditauhadi, ya bo-marabe le ya noha tse mahloko, tse tjhalametsang, maqosa a belesitse maruo a wona hodima ditonki, matlotlo a wona hodima dilota tsa dikamele, a a isetsa tjhaba sena se se nang thuso,


Moshe a ba roma ho ya hlwela naha ya Kanana, mme a re ho bona: “Nyolohang le mona Negebe, le nyolohele naheng e maralla.


Tlohang mona, le tswele pele leetong la lona, le ye naheng e maralla ya Baamore, le dibakeng tse e potapotileng, phuleng, le maralleng, le dibakeng tse weleng, ka borwa, pela lebopo la lewatle, naheng ya Bakanana; le Lebanone, ho ya fihla nokeng e kgolo ya Euferatese.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos