Eitse ha Modimo o nntsha tlung ya ntate, hore ke be mojaki, ka re ho yena: Molemo oo o tla nketsetsa wona ke ona: Hohle moo re yang, ha o mpolela, o nne o re: Ke kgaitsedi ya ka.
Boporofeta hodima diphoofolo tsa borwa. Naheng ya tsietsi, ya mahlomola, ya tau e tshehadi le tau e tona, ya qowane le noha e fofang, ba belesa matlotlo a bona ka diesele, le maruo a bona mekokotlong ya dikamele, ho ya tjhabeng seo ba ke keng ba kotula letho ho sona.
Sokolohang, le tsamaye, le ye thabeng ya Baamore le ditjhabeng tsohle tse bapileng le bona, lehwatateng, le thabeng, le thoteng, le nqa borwa, le lebopong la lewatle, naheng ya Bakanana, le Lebanone, ho ya fihla nokeng e kgolo, e leng noka ya Eufrate.