Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 12:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Jwale tlala ya eba teng lefatsheng leo; yaba Abrame o theohela Egepeta ho ya ahella teng, kahobane tlala e ne e le kgolo lefatsheng leo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Tlala ya eba teng naheng eo; yaba Aborame o theohela Egepeta ho ya jakajaka teng, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Kanana.

Ver Capítulo Copiar




Genese 12:10
21 Referencias Cruzadas  

Tlala e ne e aparetse naha yohle; yaba Josefa o bula mediko kaofela, a rekisa ho Baegepeta; mme tlala ya nna ya tota lefatsheng la Egepeta.


Ba dinaha tsohle ba tla Egepeta, ho tla reka ho Josefa, hobane tlala e ne e le kgolo lefatsheng lohle.


Yaba bara ba Iseraele ba ya reka, ba na le ba bang ba yang teng, hobane tlala e ne e le teng naheng ya Kanana.


Tlala ya nna ya tota lefatsheng. Eitse hobane ba qete koro eo ba neng ba e setse Egepeta, ntata bona a re ho bona: Boelang le ye ho re rekela dijonyana.


Bohobe bo ne bo le siyo lefatsheng lohle, hobane tlala e ne e totile haholo, mme naha ya Egepeta le naha ya Kanana di ne di tepeletse ka baka la tlala.


Mehleng ya Davida, tlala ya eba teng ka dilemo tse tharo tse hlahlamanang. Davida a botsa Jehova; mme Jehova a re: Ke ka baka la Saule le la ntlo ya hae e madi, kamoo a kileng a bolaya ba Gibeone kateng.


Yaba Elisha o boela Gilgale; tlala e ne e wele naheng, mme bara ba baporofeta ba tla, ba dula pela hae. A re ho mohlankana wa hae: Hlatleha ka pitsa eo e kgolo, o apehele bara ba baporofeta moroho.


Tlala e kgolo ya wela Samaria, hobane Basiria ba ne ba thibeletse haholo, hlooho ya esele ya ba ya rekwa ka shekele tse mashome a robileng meno e le mmedi tsa silefera, le karolo ya bone ya kabe ya merokolo ya maeba ya rekwa ka shekele tse hlano tsa silefera.


ba ntse ba sepela le ditjhaba le mebuso le merabe,


Lehwatata le behang a le fetola mobu wa letswai, ka baka la bolotsana ba baahi ba lona.


Mahlomola a ya lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntsha ho wona kaofela;


Ke lona lentswe la Jehova le kileng la tla ho Jeremia ka baka la dikomello.


Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna.


ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Ha wa tlala lefatsheng lohle la Egepeta le ho la Kanana, tsietsi ya ba ya eba kgolo; bontata rona ba sitwa le ho fumana dijo.


Tshiung tseo ho neng ho busa baahlodi, tlala ya wela lefatshe la Iseraele. Yaba monna e mong wa Bethlehema-Juda o tloha, a ya jaka naheng ya Moabe, a ena le mosadi wa hae le bara ba hae ba babedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos