La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 13:30 - BIBELE

Moedi wa bona o ne o tloha Mahanaime, le Bashane yohle, le naha eohle ya Oge, kgosi ya Bashane, le metsaneng yohle ya Jaire e mashome a tsheletseng, e neng e le Bashane.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Naha ya bona ke ho tloha Mahanaime, Bashane kaofela, mmuso wohle wa Oge, morena wa Bashane, le metsana yohle ya Jaire, e Bashane; ke metse e mashome a tsheletseng;

Ver Capítulo



Joshua 13:30
11 Referencias Cruzadas  

Jakobo a eteletsa maqosa pele ho ya ho moholwane wa hae Esau, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo.


Baiseraele ba thinya, ba nyoloha ka tsela e yang Bashane. Oge, kgosi ya Bashane, a tswa a ena le setjhaba sa hae sohle, a ba futuhela, mme a ba lwantsha Ederei.


Ra hapa metse yohle e phuleng, le Gileade yohle, le Bashane yohle, ho ya fihla Saleka, le Ederei, e leng metse ya mmuso wa Oge, e naheng ya Bashane.”


Ka yona nako eo, ra hapa metse ya hae yohle, mme ha ho motse le o mong oo re sa kang ra o hapa ho bona. E ne e le metse e mashome a tsheletseng, seterekeng sohle sa Aregobe, mmusong wa Oge, naheng ya Bashane.


le ho tloha Heshebone, ho ya fihla Rama-Misepa, le Betonime, le ho tloha Mahanaime ho ya fihla moeding wa Debiri;


Moshe a abela karolo e nngwe ya morabe wa Manase naha. E ne e le karolo e nngwe ya bana ba morabe wa Manase, ho ya ka malapa abo bona.


hobane baradi ba Manase ba ile ba fumana lefa lefeng la bana ba hae. Naha ya Gileade yona e ile ya eba ya bara ba bang ba Manase.


Naheng ya morabe wa Gade ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Rama e Gileade, le makgulo a yona, le Mahanaime le makgulo a yona,