Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 13:31 - BIBELE

31 Le karolo e nngwe ya Gileade, le Ashetarote, le Ederei, e leng metse ya naha ya Oge e Bashane. Ena e ne e le ya bana ba Makiri, mora wa Manase, le ya karolo e nngwe ya bana ba Makiri, ho ya ka malapa abo bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 le sekoto sa Gileade, le Ashtarothe, le Edrei, metse ya mmuso wa Oge, Bashane, ya eba ya bana ba Makire, mora Manasse, ke ho re, ya mothapo wa bana ba Makire ka matlo a bona.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 13:31
14 Referencias Cruzadas  

Ba morabe wa Gereshone ba abelwa metse ena: Naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase ba abelwa Golane e Bashane le makgulo a yona, le Ashetorate le makgulo a yona.


baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe. Re pholose ka letsoho la hao le letona, re pholose, o be o re utlwe.


naha ya Nafthali e sehelane moedi le ya Manase;


Ba hapa le naha ya Oge, kgosi ya Bashabane, e nngwe ya masalla a Refaine, e neng a ahile Ashetarote le Ederei.


le naha yohle e Bashane, ya Oge, ya neng a busa Ashetarote le Ederei, e leng e mong wa masalla a Barefaime. Bana Moshe o ile a ba hlola, a hapa naha ya bona.


Tsena ke dinaha tseo Moshe a ileng a di aba e le lefa diphuleng tsa Moabe, kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko.


Manase o ile a fumana dikarolo tse leshome, ntle ho naha ya Gileade le ya Bashane, e kamose wane ho Jorodane,


hobane baradi ba Manase ba ile ba fumana lefa lefeng la bana ba hae. Naha ya Gileade yona e ile ya eba ya bara ba bang ba Manase.


Re utlwile le seo a se entseng ho dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di le kamose wane ho Jorodane, e leng Sihone, kgosi ya Heshebone, le Oge, kgosi ya Bashane, ya neng a ahile Ashetarote.


Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Ba sebeletsa bo-Baale, le bo-Asetarote, le medimo ya Arame, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Amone, le medimo ya Bafilesita; ba furalla Morena, ba se ke ba hlola ba mo sebeletsa.


Gileade a itulela mose ho Jorodane, Dane yena o duletseng ka dikepeng? Ashere yena o ituletse lebopong la lewatle, o iphomoletse dikoung tsa lona.


Ba ipiletsa ho Morena, ba re: ‘Re sitilwe, hobane re furaletse Morena. Re sebeleditse bo-Baale, le bo-Asetarote. Empa jwale ako re namolele matsohong a dira tsa rona, mme re tla o sebeletsa.’


Samuele a re ho bohle ba ntlo ya Iseraele: “Haeba le kgutlela ho Morena ka dipelo tsa lona tsohle, lahlang medimo ya baditjhaba e hara lona, le Asetarote. Le lebise dipelo tsa lona ho Morena, le sebeletse yena feela, mme o tla le namolela matsohong a Bafilesita.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos