Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 21:38 - BIBELE

38 Naheng ya morabe wa Gade ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Rama e Gileade, le makgulo a yona, le Mahanaime le makgulo a yona,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Lelokong la Gade, Ramothe-Gileade le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Mahanaime le meraka ya wona;

Ver Capítulo Copiar




Joshua 21:38
14 Referencias Cruzadas  

mme yare ha Jakobo a a bona, a re: “Lena ke lebotho la Modimo!” Yaba o rea sebaka seo lebitso la Mahanaime.


Ha Abosalome le banna bohle ba Baiseraele, ba neng ba ena le yena, ba tshela Jorodane, Davida o ne a se a fihlile Mahanaime.


Barasilai o ne a se a tsofetse haholo, a ena le dilemo tse mashome a robedi. Ha kgosi e ntse e le Mahanaime, Barasilai o ne a e fepa, hobane o ne a ruile haholo.


Jwale Abinere, mora wa Nere, e leng molaodi wa mabotho ao e neng e le a Saule, a nka Ishe-Boshete, mora wa Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.


Kgosi ya Iseraele ya re ho bahlanka ba yona: “Na le a tseba hore Rama e Gileade ke ya rona, empa re kgutsitse, ha re e amohe kgosi ya Arame?”


Mora wa Gebere a le Rama e Gileade, o ne a okametse metse ya Jaire, mora wa Manase. Metse eo e ne e le Gileade. O ne a bile a okametse Aregobe e Bashane. Kaofela e ne e le metse e mashome a tsheletseng, e meholo, e nang le marako, le mekwallo ya lethose.


Ahinadabe, mora wa Ido, a le Mahanaime;


Naheng ya ba morabe wa Gade ba abelwa Rama e Gileade le makgulo a yona, le Mahanaime le makgulo a yona,


Motse wa Besere, o lehwatateng, phuleng, e ne e le wa morabe wa Rubene; wa Rama, o Gileade, e le wa morabe wa Gade; wa Golane, o Bashane, e le wa morabe wa Manase.


le ho tloha Heshebone, ho ya fihla Rama-Misepa, le Betonime, le ho tloha Mahanaime ho ya fihla moeding wa Debiri;


Moedi wa bona o ne o tloha Mahanaime, le Bashane yohle, le naha eohle ya Oge, kgosi ya Bashane, le metsaneng yohle ya Jaire e mashome a tsheletseng, e neng e le Bashane.


Kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko, morabeng wa Rubene, ba kgetha Besere e lehwatateng le phuleng; morabeng wa Gade ba kgetha Rama e Gileade; morabeng wa Manase ba kgetha Golane e Bashane.


le Kedemote le makgulo a yona, le Mefaata le makgulo a yona. Ya eba metse e mene.


le Heshebone le makgulo a yona, le Jasere le makgulo a yona. Metse eo kaofela ya eba e mene.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos