Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 13:29 - BIBELE

29 Moshe a abela karolo e nngwe ya morabe wa Manase naha. E ne e le karolo e nngwe ya bana ba morabe wa Manase, ho ya ka malapa abo bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Hape, Moshe o ne a neile ba mothapo wa leloko la Manasse lefa; lefa la mothapo o mong wa bana ba Manasse la dula jwana:

Ver Capítulo Copiar




Joshua 13:29
10 Referencias Cruzadas  

Halofo ya setjhaba sa ba morabe wa Manase e ne e atile haholo, kahoo ya aha naheng eo, ho tloha Bashane ho ya fihla Baale-Heremone, le Senire, le thabeng ya Heremone.


naha ya Nafthali e sehelane moedi le ya Manase;


naha eo e ineetse ho Morena, ebe kamorao ho moo le a kgutla, le tla hloka molato ho Morena, le ho Iseraele. Morena o tla le nea naha ena e be lefa la lona.


Moshe a nea Makiri, mora wa Manase, Gileade, mme a aha ho yona.


Karolo e nngwe ya morabe wa Manase ka e abela karolo e setseng ya Gileade, le Bashane yohle, e leng mmuso wa Oge, setereke sohle sa Aregobe, mmoho le Bashane yohle, e leng naha e bitswang Refaime.


Lena ke lefa la bana ba Gade, ho ya ka malapa abo bona, e leng metse le metsana ya yona.


Moedi wa bona o ne o tloha Mahanaime, le Bashane yohle, le naha eohle ya Oge, kgosi ya Bashane, le metsaneng yohle ya Jaire e mashome a tsheletseng, e neng e le Bashane.


Manase o ile a fumana dikarolo tse leshome, ntle ho naha ya Gileade le ya Bashane, e kamose wane ho Jorodane,


hobane baradi ba Manase ba ile ba fumana lefa lefeng la bana ba hae. Naha ya Gileade yona e ile ya eba ya bara ba bang ba Manase.


Moshe o ne a ile a nea karolo e nngwe ya morabe wa Manase naha, Bashane; Joshua yena a nea karolo e nngwe ya bona naha hara bana babo bona, mose ho Jorodane, ka bophirimela. Le bona, ha Joshua a ba qhala hore ba boele ditenteng tsa bona, a ba hlohonolofatsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos