Jwale ba dula fatshe, ba eja. Yare ha ba phahamisa mahlo ba bona mokoloko wa Baishemaele ba tswang Gileade, ba le leetong, ba ya Egepeta, dikamele tsa bona di belesitswe boroku, le ditlolo, le mmira.
Joshua 13:11 - BIBELE Le Gileade yohle le meedi ya Bageshure, le ya Bamaaka, le thaba yohle ya Heremone, le Bashane yohle ho ya fihla Saleka, Sesotho 1909/1961 (SO) le Gileade, le naha ya Bageshure, le ya Bamaakathe, le thaba yohle ya Hermone, le Bashane kaofela, ho isa Salka; |
Jwale ba dula fatshe, ba eja. Yare ha ba phahamisa mahlo ba bona mokoloko wa Baishemaele ba tswang Gileade, ba le leetong, ba ya Egepeta, dikamele tsa bona di belesitswe boroku, le ditlolo, le mmira.
Gesure, le Arame ba hapa Metse ya Jaire, le Kenate le metsana ya yona. E ne e le metsana e mashome a tsheletseng. Bana bohle ke ditloholo tsa Makiri, ntata Gileade.
a re ho bona: “Haeba bara ba Gade le bara ba Rubene, ba ka tshela Jorodane le lona, ho ya lwana moo Morena a ntseng a ba bona, mme ka bahlabani bohle ba bona ba hlometseng, yaba le hapa naha, le tle le ba nee naha ya Gileade, e be lefa la bona.
Ra hapa metse yohle e phuleng, le Gileade yohle, le Bashane yohle, ho ya fihla Saleka, le Ederei, e leng metse ya mmuso wa Oge, e naheng ya Bashane.”
A o romela le ho Bakanana, ka botjhabela, le ka bophirimela; le ho Baamore, le ho Bahete, le ho Baperise, le ho Bajebuse ba naheng e maralla; le ho Bahife ba neng ba le mosikong wa thaba ya Heremone, naheng ya Misepa.
le metse yohle ya Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a busa Heshebone, ho ya fihla moeding wa bana ba Amone.
Moedi wa bona e ne e le Jasere le metse yohle ya Gileade, le karolo e nngwe ya naha ya bana ba Amone, ho ya fihla Arowere, kapele ho Raba;
Manase o ile a fumana dikarolo tse leshome, ntle ho naha ya Gileade le ya Bashane, e kamose wane ho Jorodane,
Baheberu ba bang ba ne ba tsheletse mose ho Jorodane, naheng ya ba morabe wa Gade le Gileade. Empa ha e le Saule yena o ne a ntse a le Gilegale, mme setjhaba sohle sa mo latela se ntse se thothomela.