Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 13:7 - BIBELE

7 Baheberu ba bang ba ne ba tsheletse mose ho Jorodane, naheng ya ba morabe wa Gade le Gileade. Empa ha e le Saule yena o ne a ntse a le Gilegale, mme setjhaba sohle sa mo latela se ntse se thothomela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Baheberu ba bang ba tshela Jordane, ba tshelela naheng ya Gade, le Gileade; Saule yena a dula Gilgale, le setjhaba kaofela sa sala ho yena ka thothomelo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 13:7
15 Referencias Cruzadas  

Ke tla le halefela, mme le tla bolaelwa moo dira tsa lona di le bonang. Ba le hloileng ba tla le busa, mme le tla baleha ho se ya le lelekisang.


Baokamedi ba tla bua le bahlabani hape, ba re: ‘Na ho na le monna ya tshohileng, ya boi? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a nyahamisa bana babo dipelo, jwalokaha ya hae e nyahame.’


“Morena o tla etsa hore o hlolwe ke dira tsa hao. Ha o di futuhela o tla ya o tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha o di baleha o tla phasaphasa ka tsela tse ngata. O tla ba mmutladintjeng ho mebuso yohle ya lefatshe.


“Ka nako eo re neng re hapa naha eo ka yona, ke ile ka abela ba morabe wa Rubene le wa Gade naha, ho tloha Arowere e pela kgohlo ya Arenone, le karolo ya thaba ya Gileade, le metse ya yona.


Le Gileade yohle le meedi ya Bageshure, le ya Bamaaka, le thaba yohle ya Heremone, le Bashane yohle ho ya fihla Saleka,


Karolo e nngwe ya morabe wa Manase, le morabe wa Rubene, le morabe wa Gade, e ne e se e amohetse lefa la naha, leo Moshe a e abetseng lona ka botjhabela, mose wane ho Jorodane, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ile a ba abela lona.


Ka baka leo, bolella setjhaba sohle, o re: ‘Mang kapa mang ya tshabang, ya thothomelang, a hle a kgutle, a tlohe thabeng ya Gileade e sa le hoseng.’ ” Setjhaba se ileng sa kgutla ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme ha sala dikete tse leshome feela.


Saule a hlola matsatsi a supileng, ho emela nako eo Samuele a neng a e beile. Empa Samuele a se ke a tla Gilegale, mme setjhaba sa qhalanela Saule.


Ha Saule le Baiseraele bohle ba utlwa mantswe a Mofilesita eo, ba tshoha, ba tshaba haholo.


Ha Baiseraele ba neng ba le kamose ho kgohlo, le ba ka nqane ho Jorodane, ba utlwa hore bahlabani ba Baiseraele ba balehile, le hore Saule le bara ba hae ba se ba bolailwe, ba siya metse ya bona, ba baleha, yaba Bafilesita ba a tla, ba ikahela ho yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos