Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 13:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Baheberu ba bang ba tshela Jordane, ba tshelela naheng ya Gade, le Gileade; Saule yena a dula Gilgale, le setjhaba kaofela sa sala ho yena ka thothomelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Baheberu ba bang ba ne ba tsheletse mose ho Jorodane, naheng ya ba morabe wa Gade le Gileade. Empa ha e le Saule yena o ne a ntse a le Gilegale, mme setjhaba sohle sa mo latela se ntse se thothomela.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 13:7
15 Referencias Cruzadas  

Ke tla le tjamela; le tla qhalwa ke dira tsa lona; le tla buswa ke ba le hloileng, mme le tla baleha, leha ho se motho ya le lelekisang.


Bahlahlobi ba tla eketsa ho bua le setjhaba, ba re: Motho ya lekwala, ya nang le pelo e boi, ke ofe na? A ke a tlohe, a kgutlele tlung ya hae, esere mohlomong pelo tsa banababo tsa qhibidiha jwaloka ya hae.


Jehova o tla etsa hore o hlolwe pontsheng ya dira tsa hao; o tla di futuhela ka tsela e le nngwe, mme o tla di balehela ka tsela tse supileng, mme o tla qhalanyetswa mebusong yohle ya lefatshe.


Mohlang oo, ra hapa naha eo. Naha yohle, ho tloha Aroere e lebopong la nokana ya Arnone, ho isa bohareng ba thaba ya Gileade, le metse ya teng, ka e nea Barubene le Bagade.


le Gileade, le naha ya Bageshure, le ya Bamaakathe, le thaba yohle ya Hermone, le Bashane kaofela, ho isa Salka;


Haele Barubene, le Bagade, le mothapo o mong wa Manasse, ba nkile lefa leo Moshe a neng a ba neile lona mose wane wa Jordane, nqa botjhabela, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a ba neile;


Eya jwale, o tsebise setjhaba, o re: Ya tshabang, ya tepeletseng, a kgutle, a tlohe thabeng ya Gileade. Kahoo, ha kgutla banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, ha sala ba kete tse leshome.


A lebella tshiu tse supileng, ka ho lekanya motsotso o beilweng ke Samuele, empa Samuele a se ke a fihla Gilgale, le setjhaba sa qhalanela Saule ke hona.


Saule le Baiseraele bohle ha ba utlwa mantswe a Mofilesta eo, ba tshaba, mme ba tshoha haholo.


Haele banna ba Iseraele ba mose wane ho kgohlo, le ba mose wane ho Jordane, ha ba bona hobane banna ba Iseraele ba balehile, le hobane ho shwele Saule le bara ba hae, ba furalla metse, ba baleha, mme Bafilesta ba kena ho yona, ba dula teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos