Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 11:3 - BIBELE

3 A o romela le ho Bakanana, ka botjhabela, le ka bophirimela; le ho Baamore, le ho Bahete, le ho Baperise, le ho Bajebuse ba naheng e maralla; le ho Bahife ba neng ba le mosikong wa thaba ya Heremone, naheng ya Misepa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 le ho Bakanana ba ka nqa botjhabela le ba ka nqa bophirimela, le ho Baamore, le ho Bahethe, le ho Baferese, le ho Bajebuse dithabeng, le ho Baheve ba katlase ho Hermone, naheng ya Mitspe.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 11:3
30 Referencias Cruzadas  

mme mokolokotwane a o bitsa Misepa, hobane o ile a re: “Morena a lebele pakeng tsa rona le wena, ha re se re arohane.


Eitse ha lengeloi le otlollela letsoho hodima Jerusalema ho e timetsa, Morena a hauha ha a nahana koduwa eo, mme a re ho lengeloi le neng le timetsa batho: “Ho lekane! Kgaotsa!” Lengeloi leo la Morena le ne le le seotlong sa Arauna wa Mojebuse.


Ba fihla qhobosheaneng ya Tire, le metseng yohle ya Bahife le ya Bakanana. Ba fetela Beeresheba, naheng e ka borwa ya Juda.


Kgosi Asa a etsa kgoweletso e akaretsang bohle ba naheng ya Juda, hore ba thothe majwe le dithupa tseo Basha a neng a haheleditse Rama ka tsona; yaba ka tsona o haheletsa Geba e Benjamine, le Misepa.


Masalla wohle a setjhaba sa Baamore, le Bahete, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse, ao e neng e se bana ba Iseraele,


Ho jwaloka phoka ya Heremone, e lalang hodima dithaba tsa Sione; ke moo Morena a faneng ka tlhohonolofatso ya hae teng, e leng bophelo, bophelo ba kamehla le mehla.


Mahodimo ke a hao, le lefatshe ke la hao; lefatshe le tsohle tse ho lona ke wena ya di theileng.


Tloha le nna Lebanone, monyaduwa wa ka, tloha le nna Lebanone! Theoha tlhorong ya Amana, o theohe tlhorong ya Senire le ya Heremone, o tlohe dilaong tsa ditau, thabeng tseo mangau a phelang ho tsona.


Ha e le nna ke tla aha motseng wa Misepa, ke be molomo wa lona ho Bakalatiya ba tlang ho rona, empa lona le lokela ho ya kotula morara le ditholwana tse jewang hlabula, le ole, le e tshele dinkgong tsa lona, le iphelele metseng eo le leng ho yona jwale.”


Jeremia a ya Misepa ho Gedaleya, mora wa Ahikama, a phela le yena hara setjhaba se neng se setse naheng eo.


Batho bohle bao Ishemaele a neng a ba thopile Misepa ba kgutlela ka ho Johanane, mora wa Karea.


Ishemaele a bolaya le Bajuda bohle ba neng ba ena le Gedaleya motseng wa Misepa, hammoho le bahlabani ba Bakalatiya ba neng ba le moo.


Baamaleke ba ahile naheng ya Negebe. Bahete, le Bajebuse, le Baamore, ba ahile dithabeng. Bakanana ba ahile pela lewatle, le pela noka ya Jorodane.”


Ba hapa ho tloha Arowere, e lebopong la nokana ya Arenone, ho ya fihla thabeng ya Sione, e leng Heremone.


“Ha Morena Modimo wa lona, a le fihlisa naheng eo le yang ho yona, hore e ba ya lona, o tla leleka ditjhaba tse ngata, tse kapele ho lona, e leng: Bahete, le Bagirigashe, le Baamore, le Bakanana, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse. Ke ditjhaba tse supileng, tse kgolo, tse matla ho le feta.


Ho tloha thabeng ya Halaka, ho ya fihla Seire, le ho ya fihla Baale-Gade, kgohlong ya Lebanone, mosikong wa thaba ya Heremone, Joshua a hapa dikgosi tsohle tsa dinaha tsena, a di otla, mme a di bolaya.


Morena a neelana ka bona matsohong a Baiseraele, ba ba bolaya, ba ba phaladisa ho ya fihla Sidone e Kgolo, le ho ya fihla Miserefote-Maime, le ho ya fihla kgohlong ya Misepa, ka botjhabela. Ba ba bolaya, ba se ke ba siya le ya mong.


Le Gileade yohle le meedi ya Bageshure, le ya Bamaaka, le thaba yohle ya Heremone, le Bashane yohle ho ya fihla Saleka,


Le naha ya Bagebale le Lebanone yohle, ho ya fihla botjhabela, ho tloha Baale-Gade e mosikong wa thaba ya Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate.


le Dilane, le Misepa, le Jokothele,


Ha e le Bajebuse bona, e leng baahi ba Jerusalema, bana ba Juda ba ile ba sitwa ho ba leleka. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno, Bajebuse ba ntseng ba ahile Jerusalema, mmoho le bana ba Juda.


le Misepa, le Kefira, le Mosa,


Joshua a boela a re: “Ka sena le tla tseba hore Modimo ya phelang o teng kahara lona, le hore o tla leleka kapele ho lona Bakanana, le Bahete, le Bahife, le Baperise, le Bagirigashe, le Baamore, le Bajebuse.


Bana bohle ba Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le naheng ya Gileade, ba tsamaya. Setjhaba sa phuthehela Misepa ho Morena, sa iketsa kgokanyana phiri.


Bana ba Iseraele ba re: “Ke mang hara merabe ya Iseraele ya sa kang a tla phuthehong ya Morena?” Ke hobane ba ne ba entse kano e kgolo malebana le ya sa tlang phuthehong ya Morena, e neng e le Misepa, ba re: “Ruri o tla bolawa!”


Ba boela ba re: “Ke morabe ofe hara merabe ya Iseraele, o sa kang wa phuthehela Misepa ho Morena?” Ba bona hore ha ho motho le ya mong ya ileng a tla diahelong a etswa Jabeshe-Gileade, a etla phuthehong.


Ditjhaba tseo ke tsa marena a mahlano a Bafilesita, le Bakanana bohle, le Basidone, le Bahife, e leng baahi ba thaba ya Lebanone, ho tloha Baale-Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate.


Bana ba Iseraele ba aha hara Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.


Samuele a memela Morena setjhaba, mane Misepa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos