Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 13:2 - BIBELE

2 “Ena ke naha e sa setseng: Ditereke tsohle tsa Bafilesita, le tsohle tsa Bageshure.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Fatshe le sa setseng, ke naha yohle ya Bafilesta le naha yohle ya Bageshure;

Ver Capítulo Copiar




Joshua 13:2
15 Referencias Cruzadas  

le Bapatarusi, le Bakasalohe, ba tswetseng Bafilesita, le Bakafatore.


Tlala ya eba teng naheng eo, ntle ho tlala e kileng ya eba teng pele, mehleng ya Aborahama. Yaba Isaka o ya Gerare, ho Abimeleke kgosi ya Bafilesita.


Ha mohlanka wa hao a sa le Geshure e Arame, o ile a etsa kano, a re: ‘Haeba ruri Morena a ka nkgutlisetsa Jerusalema, ke tla mo nyehella ke le Heborone.’ ”


Wa bobedi ya eba Kilabe, ya tswetsweng ke Abikaele, eo e neng e le mohatsa mofu Nabale wa Mokaramele. Wa boraro ya eba Abosalome, mora wa Maaka, moradi wa Talamai, kgosi ya Geshure.


“Wena Tire, le wena Sidone, le lona dibaka tsohle tsa Filesitiya, e ka ba le mpatlang? Le tla mpuseletsa ka eng? Haeba le tla mpuseletsa, seo le se entseng ke tla le buseletsa sona ka potlako.


Le madimabe lona ba ahileng bopong la lewatle, le madimabe lona tjhaba sa Bakerete! Morena ke yena ya o qosang, wena Kanana, naha ya Bafilesita, ke tla o ripitla, ho be ho hlokwe le masalla.


Jaire, mora wa Manase, a nka setereke sohle sa Aregobe, ho ya fihla moeding wa Bageshure, le wa Bamaaka. Sebaka sena, esita le sa Bashane, a se reella ka yena, a re ke Metse ya Jaire, mme le kajeno-ya-bokajeno se sa ntse se bitswa jwalo.


E ne e busa thabeng ya Heremone, le Saleka, le naheng yohle ya Bashane, ho ya fihla moeding wa Bageshure, le Bamaaka, le karolo e nngwe ya Gileade, le ho ya fihla moeding wa Sihone, kgosi ya Heshebone.


Le Gileade yohle le meedi ya Bageshure, le ya Bamaaka, le thaba yohle ya Heremone, le Bashane yohle ho ya fihla Saleka,


Leha ho le jwalo, bana ba Iseraele ha ba a ka ba leleka Bageshure le Bamaaka; kahoo Bageshure le Bamaaka ba aha hara Baiseraele, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Tsena ke ditjhaba tseo Morena a ileng a di tlohela tsa sala hore a leke Baiseraele ka tsona, e leng ba bangata ba sa kang ba tseba dintwa tsohle tsa Kanana.


Davida le banna ba hae ba nyoloha, ba futuhela Bageshure, le Bagesere, le Baamaleke. Bao e ne e le bona baahi ba naha eo ba kgale, ho tloha Shure ho ya fihla naheng ya Egepeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos