Jwale tlala ya boela ya eba teng lefatsheng leo, kantle ho tlala ya pele e bileng teng mehleng ya Abrahama; Isaaka a fallela Gerare, ha Abimeleke, morena wa Bafilesta.
Ke le mohlanka wa hao, ke sa le Geshure wa Siria, nkile ka hlapanya ka kano, ka re: Ha Jehova a ka mpusetsa hantle Jerusalema, ke tla sebeletsa Jehova.
Le lona Tire le Sidone, le na le taba efe le nna, le wena naha yohle ya Bafilesta? Na le re, le ya iphetetsa ho nna, kapa le tla nketsa ho hong na? Ha le re, le ya iphetetsa, kapelepele ke tla busetsa phetetso ya lona hodima dihlooho tsa lona,
Ho madimabe ba ahileng naheng e bapaneng le lewatle, setjhaba sa Bakerethe! Lentswe la Jehova le teng hodima hao, Kanana, lefatshe la Bafilesta; ke tla o timeletsa, o be o hloke le ya ka ahang ha hao!
Jaire, mora Manasse, a nka naha yohle ya Argobe ho isa moeding wa Bageshure le wa Bamaakathe, mme a reella metse ya Bashane lebitso la hae; e ntse e le Havvoth-Jaire le kajeno.
o ne a busa thaba ya Hermone, le Salka, le Bashane kaofela, ho isa naheng ya Bageshure, le Bamaakathe, le sekoto se seng sa Gileade, moedi wa Sihone, morena wa Heshbone.