Joshua 13:3 - BIBELE3 E tloha Shihore e ka botjhabela ho Egepeta, ho ya fihla moeding wa Ekerone, ka leboya, eo e leng ya Bakanana. Ke ya mahosana a mahlano a Bafilesita, e leng a Gasa, le a Ashedode, le a Ashekelone, le a Gade, le a Ekerone, le a Baafa ka borwa. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 ho tloha nokeng ya Shikore, e mathang pela Egepeta, ho isa moeding wa Ekrone, nqa leboya, moo ho thweng, ke ha Bakanana; teng ho na le kgosana tse hlano tsa Bafilesta, ya Gasa, le ya Ashdode, le ya Ashkelone, le ya Gathe, le ya Ekrone. Ver Capítulo |
Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela.
Mahosana a Bafilesita a fihla ho mosadi eo, mme a re ho yena: “Mo qeke, mme o fumane hore na matla ana a hae a maholo a tswa kae; le hore na re ka mo hlola jwang, hore re tle re tsebe ho mo tlama, re mo fokodise. E mong le e mong wa rona o tla o nea tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro.”
Bafilesita ba boela ba botsa, ba re: “Nyehelo e tlosang sebe, eo re tla mo romela yona, e ka ba ya eng?” Yaba ba re: “E be ditshwantsho tse hlano tsa mathopa a mokoteng, tse bopilweng ka kgauta, le ditweba tse hlano tse bopilweng ka kgauta, ho latela palo ya dikgosi tsa Bafilesita, hobane lona bohle, le dikgosi tsa lona, le ile la otlwa ka sewa se tshwanang.