Joele 3:3 - BIBELE Di ile tsa laola setjhaba sa ka ka lotho, tsa ananya moshanyana ka seotswa, tsa reka veine ka ngwanana, hore di tle di e nwe. Sesotho 1909/1961 (SO) Setjhaba sa ka ba arolelane sona ka lotho, ba ntshitse moshanyana ho ba moputso wa seotswa, le ka ngwanana ba rekile veine, ba nwele. |
“ ‘Jafane le Tubale le Mesheke le tsona tsa hweba le wena; tsa ananya thepa ya hao ka makgoba le ka dintho tse entsweng ka lethose.
Lona matahwa, tsohang le lle! Lona bohle ba nwang veine, bokollang, le lle, le llele veine e ntjha, hoba le e amohilwe le le kgatheng la ho e latswa.
Morena o bua tjena: “Baiseraele le bona ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ya lokileng ba mo rekisa tjhelete, mofutsana ba mo rekise meqathatso.
Mohla o no emeletse kathoko, ha baditjhaba ba hahara leruo la hae, melata e kena ka dikgoro, ka kgoro tsa metse ya hae, e laola Jerusalema ka lotho, o ne o ka e mong wa baditjhaba.
Empa le yona Tebese e ile ya haptjwa, tjhaba sa yona sa iswa bothopuweng. Mateanong a diterata tsohle, bana ba yona ba pshatlakanngwa; mahosana a yona a laolwa ka lotho, yaba bahlomphehi ba yona ba a tlangwa, ba tlangwa ka mahlaahlela.
le dinoko tsa sinamone le tsa amone, le makgapetla a difate a monko o monate, le setlolo, le mokubetso, le veine, le ole, le phofo e thumisehileng, le koro, le dikgomo, le dinku, le dipere, le dikariki, le makgoba, le batshwaruwa.