Mo hopole tsatsi le eso fifale, le lesedi le kgwedi le tsona dinaledi, maru a pula a eso aparele hape;
Joele 3:15 - BIBELE Letsatsi le kgwedi di tla fifala, dinaledi le tsona di ke ke tsa phatsima. Sesotho 1909/1961 (SO) Letsatsi le kgwedi di a fifala, le dinaledi di honyetsa phatsimo ya tsona. |
Mo hopole tsatsi le eso fifale, le lesedi le kgwedi le tsona dinaledi, maru a pula a eso aparele hape;
Naledi tsa lehodimo le Makolobe a tsona, kganya ya tsona e ke ke ya bonahala, tsatsi le tla fifala ha le tjhaba, kganya ya kgwedi le yona e be siyo.
Etlare ha ke o timetsa mahodimo ke a kwahele, dinaledi tsa wona ke di fifatse. Letsatsi le tla kwahelwa ke maru, kgwedi e se ke ya eba le ngwedi.
Ha botho lena le kgoroha, fatshe le a reketla, mahodimo le wona a tsukutlehe; letsatsi le kgwedi di a fifala, dinaledi di kgaotse ho phatsima.
Letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla ba kgubedu jwaloka madi, pele letsatsi le leholo la Morena, le kgethehileng, le fihla.
“Hanghang kamora ditlokotsi tsa matsatsi ao, letsatsi le tla fifala, kgwedi ha e na ho bonesa; dinaledi di tla wa lehodimong, mabotho a mahodimo a tla tsukutleha.
“Empa matsatsing ao, kamorao ho ditlokotsi tsena, letsatsi le tla fifala, kgwedi ha e na ho bonesa;
Lengeloi la bone la letsa terompeta, mme kotlo ya wela karolo ya boraro ya letsatsi, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi; e le hore ho fifatswe karolo ya boraro ya tsona. Ha fifala karolo ya boraro ya motsheare le ya bosiu ka ho tshwana.