A hlophisa setjhaba sohle, monna ka mong a tshwere dihlomo tsa hae. Theko ya bona ya tloha ntlheng e ka letsohong le letona la Tempele, ho isa ntlheng e ka letsohong le letshehadi, ho potapota Tempele, le aletare, ba teetse kgosi hare.
Joele 2:8 - BIBELE Ha le tsamaya ha le theselane ka ditswe, mohlabani ka mong o tsamaya a tobile pele feela. Le a fohla, le itukubetse hara marumo, ha ho letho le ka le emang kapele. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ba sututsane, e mong le e mong o ya ka tsela ya hae, ba itihela hara dibetsa, mme ha ba hlajwe. |
A hlophisa setjhaba sohle, monna ka mong a tshwere dihlomo tsa hae. Theko ya bona ya tloha ntlheng e ka letsohong le letona la Tempele, ho isa ntlheng e ka letsohong le letshehadi, ho potapota Tempele, le aletare, ba teetse kgosi hare.
Kgosi Hesekiya a tsoha molota, a tsosa lerako hohle moo le neng le helehile teng. Hodima lona a haha ditora, a haha le lerako le leng kathoko ho leo. A matlafatsa le Milo, e Motseng wa Davida. A etsa marumo a mangata le dithebe tse ngata.
e leng se neng se haha lerako. Motho ka mong wa ba neng ba thotha thepa, o ne a sebetsa ka letsoho le leng, ka le leng a tshwere dihlomo.
Ha e le nna, bana beso, le bahlanka ba ka, le banna ba balebedi, ba neng ba ena le nna, ha ho le ya mong wa rona ya kileng a hlobola diaparo tsa hae. Motho ka mong o ne a tshwere dihlomo tsa hae, esita leha a ilo kga metsi.
Empa ha ba ithiba ditsebe, ba sa mamele, lefu la bona e tla ba la sabole, ba be ba shwe tsebo ba se na yona.
Dikgarenate ke dimela tsa tshimo ya hao, tholwana tsa tsona, ka monate, di a babatswa! Mmasa le dinareta le tsona di a fumanwa.
Ha ho le ya mong wa bona ya kgathalang, a kgothometsehe, ha ho leqhama le kgwehlileng thekeng, ha ho lerapo la moqathatso le kgaohileng.
Le kgoroha jwaloka bahale, le hlwa marako sa bahlabani. Le tsamaya le tobile pele feela, theko ya lona e entse lekaka.
Le feresa motse, le mathe hodima marako, le hlwelle le kahodima matlo, le kene ka difesetere se ka mashodu.